1 Samuele

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31

BIBELE e Halalelang

1 Samuele 4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lentswe la Samuele le ne le fihlela Baiseraele kaofela.Jwale Baiseraele ba tswa, ba futuhela Bafilesta; ba tla emisa pela Eben-Esere; Bafilesta bona ba emisa Afeke.

2. Bafilesta ba tla ka makgotla ho lwantsha Baiseraele; Baiseraele ba hlolwa ke Bafilesta, mme makgotleng a bona ha bolawa banna ba batlileng ho ba kete tse nne.

3. Jwale, setjhaba ha se kgutletse diahelong, baholo ba Iseraele, ba re: Jehova o re hloletseng kajeno ka Bafilesta? Ha ho ke ho latwe Silo areka ya selekane sa Jehova, e tle hara rona, mme e re namolele matsohong a dira tsa rona.

4. Ebile setjhaba se romela Silo, ho ya lata teng areka ya selekane sa Jehova wa makgotla ya dutseng hara dikerubime; bara ba babedi ba Eli, Hofni le Finease, ba ne ba le teng le areka ya selekane sa Modimo.

5. Areka ya selekane sa Jehova, ha e fihla diahelong, Baiseraele ba e hlabela ditlatse tse kgolo, lefatshe la ba la reketla.

6. Bafilesta ha ba utlwa modumo wa ditlatse, ba re: Ke wang modumo wa ditlatse tsena tse kgolo diahelong tsa Baheberu? Ba tseba hobane areka ya Jehova e tlile diahelong.

7. Jwale, Bafilesta ba tshaba, ba re: Modimo o tlile diahelong. Hape, ba re: Ho madimabe rona, hobane ho ne ho eso ho be taba e jwalo, le kgale.

8. Ho madimabe rona! Ke mang ya tla re namolela matsohong a medimo eo e matla? Ke yona medimo e otlileng Baegepeta ka dikotlo tsohle nahathothe.

9. Oho, Bafilista, ipheng matla, le etse ka senna, e se be la ba bafo ba Baheberu, jwalokaha e bile bafo ba lona. Etsang ka senna, mme le lwane.

10. Ha ho le jwalo, Bafilesta ba lwana, mme ba hlola Baiseraele, Baiseraele ba ba ba balehela e mong le e, mong hae tenteng ya hae; le polao ya eba kgolo haholo; ha eshwa Baiseraele ba dikete tse mashome a mararo ba maoto.

11. Le areka ya Modimo ya hapuwa, mme bara ba babedi ba Eli, hofni le Finease, ba bolawa.

12. Ebile monna e mong, wa Mobenjamine, o tloha ntweng, a matha, a tla Silo ka lona tsatsi leo, a hahotse diaparo tsa hae, a le dithole hloohong.

13. Ha a fihla, Eli o ba a dutse setulong pela tsela, a lebeletse; hobane pelo ya hae e be e thothomella areka ya Modimo. Monna eo a kena, a behela motse ditaba, mme motse wohle wa bokolla.

14. Eli ha a utlwa modumo wa seboko, a re: Ke modumo wa lerata lang? Ebile monna o phakisa a tla, a behela Eli.

15. Eli yena o ne a se a hodile dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng meno e le mmedi, le mahlo a hae a ne a foufetse, a sitwa le ho bona.

16. Ebile monna eo o re ho Eli: ke tswa ntweng, ke tswa baleha sereng kajeno. Yena a re: Taba ho hlahile efe, ngwana ka?

17. Ya tlisitseng ditaba a araba, a re: Baiseraele ba balehile pela Bafilesta, le polao e bile kgolo hara setjhaba; le bara ba hao ba babedi, Hofni le Finease, ba shwele, le areka ya Modimo e bile e hapilwe.

18. A re a sa bolela areka ya Modimo, Eli a wa setulong ka seetse, pela kgoro, a robeha molala, a ba a shwa, etswe e ne e le motho ya tsofetseng, ya boima; o ba a ahlotse Iseraele ka dilemo tse mashome a mane.

19. Haele ngwetsi ya hae, mosadi wa Finease, e ne e emere, e le makgatheng a ho beleha. Eitse ha a utlwa tse bolelwang tsa areka ya Modimo e hapilweng, le tsa ho shwa ha matsalae le ha monna wa hae, a inama, mme a itshihlolla, hobane o ne a hlahetswe ke bohloko ba pelehi.

20. Ha a le makgatheng a ho shwa, basadi ba emeng ho yena ba re: Se tshabe, hobane o tswetse moshemane. A mpa a se ke a araba, leha e le ho mo ela hloko.

21. Ebile moo a reang ngwana lebitso la Ikabode (ya se nang letlotlo), ka ho re: Letlotlo le tlohile Iseraeleng; e le kahobane areka ya Modimo e hapilwe, le ka hobane matsalae le monna wa hae ba shwele.

22. A rialo, a re: Letlotlo le tlohile Iseraeleng, hobane areka ya Modimo e hapilwe.