1 Samuele

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31

BIBELE e Halalelang

1 Samuele 26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Davida o qenehela Saule la bobedi.

1. Ba Sife ba boela ba tla ho Saule, Gibea, ba re: Ha re re, Davida o ipatile leralleng la Hakila, le pela lefeella na?

2. Ebile Saule o tloha, a theohela lefeelleng la Sife, a ena le kete tse tharo tsa ba kgethilweng ba Iseraele, e le hore a yo batla Davida lefeelleng la Sife.

3. Saule a emisa leralleng la Hakila, le mabapa le lefeella, pela tsela. Davida yena o ne a dutse feelleng a bona hobane Saule o tlile ho mo batla feelleng.

4. Yaba Davida o ntsha dihlwela, a tsebisisa ka tsona hobane Saule o tlile ruri.

5. Davida a tloha, a fihla moo Saule a emisitseng teng; Davida a bona le moo Saule a robetseng teng, ba ena le Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a hae, Saule a robetse mahareng a diahelo, setjhaba se emisitse se mo teetse hare.

6. Ebile Davida o bua, a laela Akimeleke Mohethe, le Abishai, mora Tseruja, ngwanabo Joabe, a re: Ke mang eo re tla theohela le yena ho Saule diahelong na? Abishai a re: Ke nna ke tla theoha le wena.

7. Ebile Davida le Abishai ba fihla bosiu ho setjhaba, ba fihlela Saule a sekame, a robetse diahelong, lerumo la hae le hlomilwe fatshe pela mosamo wa hae, Abnere le setjhaba ba robetse ba mo teetse hare.

8. Abishai a re ho Davida: Kajeno, Modimo o neetse sera sa hao matsohong a hao; jwale, a nke ke mo hlabe ka lerumo, ke mmolaele fatshe hanghang; nke ke ka hlaba habedi.

9. Davida a re ho Abishai: O se ke wa mmolaya. Ke mang ya ka isang letsoho ho motlotsuwa wa Jehova, a hloka molato na?

10. Davida a eketsa, a re: Ka Jehova ya utlwang, ke yena Jehova ya tla mmolaya; kapa ho tla tjhaba tsatsi la hae la ho shwa, kapa o tla ya ntweng, a timele teng.

11. Jehova a nthibele hore ke se ke ka isa letsoho ho motlotsuwa wa Jehova. Feela, nka lerumo le pela mosamo wa hae le nkgwana ya metsi, re tsamaye.

12. Davida a nka lerumo le nkgwana ya metsi e pela mosamo wa Saule, ba tsamaya ho se ya ba boneng, ho se ya ba lemohileng, ho robetse bohle, hobane Jehova o ne a ba robaditse boroko bo boholo.

13. Davida a ntoo fetela nqe nngwe, a ema qhoweng ya thaba, hole, e le sebaka se seholo mahareng a bona.

14. Davida a howeletsa setjhaba le Abnere, mora Nere, a re: Ha o arabe keng, Abnere? Abnere a araba, a re: O mang ya howeletsang morena?

15. Davida a re ho Abnere: Na ha o monna na? Ke mang ya kang wena Iseraeleng? Ha o lebele morena, monga hao, keng, haele moo e mong wa setjhaba a kile a tla ho timetsa morena, monga hao?

16. Ha o etse hantle; ka Jehova ya phelang, le lokelwa ke ho shwa, hobane ha le a ka la lebela monga lona, e leng motlotsuwa wa Jehova. Tadima jwale; le kae lerumo la morena, le nkgwana ya metsi e neng e le pela mosamo wa hae?

17. Ebile Saule o tseba lentswe la Davida, a re: Na hase lentswe la hao, Davida, mora ka, na? Davida a re: Ke lentswe la ka, morena, monga ka.

18. A eketsa a re: Ho ya kang ha monghadi wa ka a phallela mohlanka wa hae? Na ke entseng? bobe ke bofe letsohong la ka na?

19. Morena, monga ka, a ke a mamele taba tsa mohlanka wa hae jwale; ha ekaba ke Jehova ya o tsoseditseng nna, a ke a dumele sehlabelo; haeba ke batho, ba ke ba rohakwe pela Jehova, hobane kajeno ba ntelekile hore ke se ke ka kgomarela tjhaba sa lefa la Jehova; ba re, ke ye, ke sebeletse medimo esele.

20. Jwale ke re: Madi a ka a se ke a wela fatshe hole le Jehova, hobane morena wa Iseraele o tswile ho batla letsetse, jwalokaha ho tsongwa mekopjwane dithabeng.

21. Ebile Saule o re: Ke sitilwe; boya, Davida, mora ka, hobane ha ke sa tla hlola ke o etsa hampe, ka baka la hobane bophelo ba ka bo bile thata mahlong a hao kajeno lena; bona, ke entse ka bothoto, ke fositse haholoholo.

22. Davida a araba, a re: Bona, ke lena lerumo la morena; e mong wa bahlankana a fetele kwano, a le nke.

23. Jehova a ke a putse e mong le e mong ka toka ya hae le ka bokgabane ba hae, kamoo ke hanneng ho isa letsoho la ka ho motlotsuwa wa Jehova kateng, leha Jehova a ne a o neile matsohong a ka kajeno.

24. Bona, jwalokaha bophelo ba hao e bile ntho e kgolo mahlong a ka kajeno lena, bophelo ba ka bo be boholo jwalo mahlong a Jehova, mme a nnamolele ditsietsing tsohle.

25. Saule a re ho Davida: Ho bokwe wena, mora ka Davida; leha o ka etsa seo o se etsang, le ho se phetha o tla se phetha. Ebile Davida o ikela ka tsela ya hae, Saule yena a kgutlela hae.