1 Samuele

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31

BIBELE e Halalelang

1 Samuele 28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Bafilesta ba futuhela Baiseraele. — Davida o ya le bona. — Saule a ya botsa mosadi wa Ene-Dore.

1. Tshiung tseo, Bafilesta ba phutha makgotla a bona, ho ya futuha le ho lwana le Baiseraele. Akishe a re ho Davida: O tsebisise hobane o tla futuha le nna makgotleng a ka, wena le banna ba hao.

2. Davida a re ho Akishe: Kannete, o tla tseba seo mohlanka wa hao a tla se etsa. Akishe a boela a re ho Davida: Kannete, ke tla o bea ya mpolokang hlooho ka tshiu tsohle tsa ho phela ha ka.

3. Samuele o ne a se a shwele, le Baiseraele bohle ba ne ba se ba mo lletse, ba mo epetse Rama, motseng wa habo. Saule o ne a tlositse dinohe le baporofeta ba bohata naheng eo.

4. Jwale, Bafilesta ba phutheha, ba tla, ba emisa Shuneme; le Saule a mema Baiseraele bohle, mme ba tla, ba emisa Gilboa.

5. Saule, ha a bona makgotla a Bafilesta, a tshaba, le pelo ya hae ya thothomela haholo.

6. Leha Saule a ne a botsa Jehova, Jehova o ne a sa mo arabele, leha e le ka ditoro, leha e le ka Urime, leha e le ka baporofeta.

7. Ebile Saule o re ho bahlanka ba hae: Mpatleleng mosadi wa senohe, ke ye ho yena, ke mmotse. Bahlanka ba hae ba re ho yena: Bona, mosadi ya nohang o teng Ene-Dore.

8. Kahoo, Saule a ikgakanya, a apara diaparo tsa e mong, a ya le banna ba babedi. Ba tla ho mosadi bosiu, Saule a re ho yena: Ako nnohele, mme o nnyollele eo ke tla o bolella yena.

9. Mosadi a re ho yena: Bona, o a tseba kamoo Saule a entseng kateng, ha a timeditse baporofeta le dinohe fatsheng lena; ha ho le jwalo, o tjhehelang bophelo ba ka, hore ke timele?

10. Saule a mo hlapanyetsa ka Jehova, a re: Ka Jehova ya utlwang, ha ho kotsi e tla o hlahela bakeng sa taba ena.

11. Mosadi a re: Ke tla o nyollela mang na? A re: Nnyollele Samuele.

12. Mosadi ha a bona Samuele, a meketsa; mme mosadi a fetola Saule, a re: O nthetseditseng na, athe ke wena Saule?

13. Morena a re ho yena: Se tshabe; o bonang? Mosadi a re ho yena: Ke bona modimo o mong o nyoloha fatshe.

14. Saule a re ho yena: O bopehile jwang? Mosadi a re: Ke motho wa leqheku ya nyolohang; hape o apere kobo. Kahoo, Saule a tseba hobane ke Samuele; ka baka leo, a inamela fatshe ka sefahleho, a kgumama.

15. Samuele a re ho Saule: O mpherekanyeditseng ka ho nnyolla na? Saule a re: Ke tsielehile haholo; Bafilesta ba mphutuhetse, mme Modimo o mphuraletse; ha o sa nkarabela, leha e le ka baporofeta, leha e le ka ditoro; ke o bitsitse ke hona, hore o ntsebise seo nka se etsang.

16. Samuele a re: O mpotsetsang, haele moo Jehova a o furaletse, a iphetotse sera ho wena?

17. Jehova o fela a entse jwalokaha a ne a bue ka nna; Jehova a hahotse mmuso matsohong a hao, o o neile wa heno, Davida.

18. Ka baka la hobane o sa ka wa mamela lentswe la Jehova, o sa ka wa etsa ho Amaleke ka bohale ba hae bo tjhesang, ke kahoo Jehova a o etsang jwalo kajeno.

19. Hape, Jehova o tla o neela, wena le Iseraele hammoho, matsohong a Bafilesta; hosasane, wena le bara ba hao, le tla ba le nna; le diahelo tsa Baiseraele, Jehova o tla di neela Bafilesta.

20. Yaba Saule o namalla fatshe ke ho tshoha haholo ka baka la mantswe a Samuele; matla a ne a le siyo ho yena, ke hobane o ne a sa ka a ja letho tsatsi lohle le bosiu bohle.

21. Ka baka leo, mosadi a tla ho Saule; ha a bona hobane o tshohile haholo, a re ho yena: Bona, lekgabunyane la hao le mametse lentswe la hao, ke bile ke tetse bophelo ba ka, ka mamela taba tsa hao tseo o di buileng ho nna.

22. Jwale, le wena o utlwe lentswe la lekgabunyane la hao; a nke ke bee thathana ya bohobe pela hao, o je, o be le matla, ha o eya ka tsela ya hao.

23. A hana, a re: Nke ke ka ja. Bahlanka ba hae hammoho le mosadi ba mpa ba mo phehella, a ba a utlwa, a tsoha fatshe, a dula malaong.

24. Mosadi eo o ne a na le namane e nonneng hae; a phakisa a e hlaba; a nka le phofo, a e duba, a apeha ka yona bohobe bo sa lomoswang.

25. A bea tsena pela Saule le pela bahlanka ba hae, mme ba eja; ba ntoo tloha, ba ikela ka bona bosiu boo.