Esaia

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42
  43. 43
  44. 44
  45. 45
  46. 46
  47. 47
  48. 48
  49. 49
  50. 50
  51. 51
  52. 52
  53. 53
  54. 54
  55. 55
  56. 56
  57. 57
  58. 58
  59. 59
  60. 60
  61. 61
  62. 62
  63. 63
  64. 64
  65. 65
  66. 66

BIBELE e Halalelang

Esaia 19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Naha ya Egepeta e porofetelwa dikahlolo.

1. Boporofeta hodima Egepeta: Bonang! Jehova o kaletse leru le bobebe, o lebile Egepeta; medimo ya Egepeta e thothomela pela hae, mme dipelo tsa Baegepeta di tepella ka ho bona.

2. Ke tla tsosa Moegepeta, a lwantshe Moegepeta, ba tle be lwantshane, motho a lwane le wa habo, motswalle le motswalle, motse le motse, mmuso le mmuso.

3. Kutlwisiso e tla tloha pelong tsa Baegepeta, ke tla fedisa morero wa bona; ke moo ba tla botsa ditaba ho ditshwantsho tsa medimo, le ho baupelli, le ho ba nyollang bafu, le ho dinohe.

4. Naha ya Egepeta ke tla e neha morena ya thata, e buswe ke morena ya thata: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.

5. Metsi a Nile a tla fela; noka e tla psha, e omelle.

6. Dinokana di tla nkga, meedi ya Egepeta e tla oma, e pshe; lehlaka le tla pona le wona moseme.

7. Makgulo a sikang le noka, a mabopong a noka, le masimo wohle a pela noka a tla omella, a foforehe, a fele.

8. Ba tshwasang dihlapi ba tla lla, bohle ba akgelang selope nokeng ba bokolle, ba dihelang letlowa hodima metsi ba tsielehe.

9. Ba sebetsang ka lene e ntle, le ba lohang masela a masweu, ba tla swaba.

10. Ditshiya tsa naha di tla robeha, bohle ba sebeletsang leruo ba hlomohe pelo.

11. Ruri, baholo ba Tsowane ke mahlanya feela; kelello ya baeletsi ba Faro e fetohile bowatla. Le ka bolela jwang ho Faro, la re: Ke nna mora wa ba bohlale, mora marena a kgale?

12. Ba kae jwale ba bohlale ba hao? Ba fele ba o bolelle, ho tle ho tsejwe seo Jehova wa makgotla a se rerileng hodima Egepeta.

13. Baholo ba Tsowane ba fetohile mahlanya, baholo ba Nofe ba thetsitswe, Egepeta e kgelositswe ke dihlooho tsa meloko ya yona.

14. Jehova o tshetse Egepeta ka moya wa modikwadikwane, hore ba tle ba kgelose Baegepeta diketsong tsa bona kaofela, jwaloka letahwa ha le diadielwa mahlatseng a lona.

15. Ha ho mosebetsi o ka thusang Egepeta, o entsweng ke hlooho, leha e le ke mohatla, kapa ke lekala la palema, kapa ke moseme.

16. Ka tsatsi leo, Baegepeta ba ya ba jwaloka basadi; ba tla tshoha, ba thothomele, ka baka la letsoho la Jehova wa makgotla le sisinyehang ho ba kgalemela.

17. Ke moo naha ya Juda e tla hlwenyetsa Baegepeta, mme lebitso la Juda ha le bolelwa bohle ba ya tshoha, ka baka la morero oo Jehova wa makgotla a o rerileng hodima bona.

18. Mohlang oo, metse e mehlano e tla ba teng Egepeta e tla bua puo ya Kanana, e ane ka Jehova wa makgotla; o mong ho yona o tla rewa Ire-Haherese (motse wa letsatsi).

19. Mehleng eo, Jehova o tla kgethelwa aletare bohareng ba lefatshe la Egepeta, mme sefika se kgethetsweng Jehova se tla ema pela meedi ya naha.

20. Hoo e tla ba pontsho le bopaki ba Jehova wa makgotla lefatsheng la Egepeta; hobane ba tla howeletsa ho Jehova ka baka la ba ba hlorisang, mme o tla ba romela mmoloki le moemedi, ya tla ba namolela.

21. Jehova o tla itsebisa Baegepeta, mme Baegepeta ba tla tseba Jehova mehleng eo, ba mo sebeletse ka mahlabelo le ka dinyehelo; ba tla itlama ka dikano ho Jehova, mme ba tla di phetha.

22. Jehova o tla otla Egepeta jwalo; o tla otla, a boele a fodise; ba tla sokolohela ho Jehova, mme o tla mamela thapelo tsa bona, a ba fodise.

23. Mehleng eo, mmila o tla ba teng o tswang Egepeta, o yang Assiria; Baassiria ba tla tla Egepeta, Baegepeta ba ye Assiria, mme Egepeta o tla sebeletsa Jehova a ena le Assiria.

24. Mohlang oo, Iseraele e tla ba wa boraro, ya kopaneng le Egepeta le Assiria, e be lehlohonolo bohareng ba lefatshe,

25. leo Jehova wa makgotla a tlang ho le hlohonolofatsa, a re: Ho hlohonolofale Egepeta, setjhaba sa ka, le Assiria, mosebetsi wa matsoho a ka, le Iseraele, lefa la ka!