Esaia

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42
  43. 43
  44. 44
  45. 45
  46. 46
  47. 47
  48. 48
  49. 49
  50. 50
  51. 51
  52. 52
  53. 53
  54. 54
  55. 55
  56. 56
  57. 57
  58. 58
  59. 59
  60. 60
  61. 61
  62. 62
  63. 63
  64. 64
  65. 65
  66. 66

BIBELE e Halalelang

Esaia 16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bamoabe, isang lekgetho la dikonyana ho mmusi wa lefatshe, le tlohe Sela, le ye ka lefeelleng ho ya kena thabeng ya moradi wa Sione.

2. Baradi ba Moabe ba jwaloka nonyana e fofelang hohle, le jwaloka madinyane a yona a tshositsweng, ha ba tshela ledibohong la Arnone.

3. Re eletse, etsa morero, motshehare re etsetse leswiti le jwaloka bosiu, o tle o pate ba lelekisitsweng, mme o se ke wa senola ba balehang.

4. Ba lelekilweng ba Moabe ba jake haeno, o be qhobosheane ya bona pela mosenyi, ho fihlela mohlorisi a kgutla, tshenyo e fela, mme ba hatakelang setjhaba ba fela lefatsheng.

5. Hobane ho hlomilwe terone ya mohau moo moahlodi wa nnete a dulang teng, tlung ya Davida, ya tjhesehelang tokiso, ya akofisang ho loka.

6. Re utlwile boikgantsho ba Moabe ya ikgantshang ka ho fetisa, le boikgohomoso ba hae, le boithoriso ba hae, le bohale ba hae, le mashano a hae.

7. Ka baka leo, Moabe o tla lla hodima Moabe, ba lle kaofela; le tla fehelwa hodima dithako tsa Kire-Haresethe, hobane le ntse le tepeletse haholo.

8. Hobane masimo a Heshbone a ponne, merara ya Sibma eo makala a yona a neng a taha marena a lefatshe, a namile ho isa Jaesere le ho fihlela nahathothe, mme mahlomela a yona a fihlile le mose wa lewatle.

9. Ka baka leo, ke llela merara ya Sibma, jwalokaha nkile ka llela Jaesere; ke tsholla meokgo hodima lona, Heshbone le Eleale; hobane mekgosi e kene korong ya lona le merareng ya lona.

10. Thabo le menyaka di faletse masimong a hao; masimo a merara ha a sa tswa dipina le mehoo ya thabo; ha ho sa hatelwa merara dihatelong; ke kgutsisitse ditjhao tsa bahati.

11. Mala a ka a duma hodima Moabe jwaloka harepa, le pelo ya ka hodima Kire-Harese.

12. Leha Moabe a ka nna a kgathala ke ho ya nqalong tse diphahameng, le ke ho kena tempeleng ya teng ho rapela, a ke ke a thusa letho.

13. Ke yona polelo eo Jehova e sa leng a e bolela hodima Moabe.

14. Mme jwale, Jehova o a bua, o re: Ho tla feta dilemo tse tharo, tse kang dilemo tsa motho ya thotsweng; mme kganya ya Moabe e tla fela, bongata bo boholo ba hae bo fele; ho tla siuwa ba se ba kae, e seng ba bangata.