Esaia

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42
  43. 43
  44. 44
  45. 45
  46. 46
  47. 47
  48. 48
  49. 49
  50. 50
  51. 51
  52. 52
  53. 53
  54. 54
  55. 55
  56. 56
  57. 57
  58. 58
  59. 59
  60. 60
  61. 61
  62. 62
  63. 63
  64. 64
  65. 65
  66. 66

BIBELE e Halalelang

Esaia 17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Badamaseka le Baefraime ba porofetelwa dikahlolo.

1. Boporofeta hodima Damaseka: Bonang, Damaseka o se a tla leswa ho balwa palong ya metse, a fetohe qubu ya dithako.

2. Metse ya Aroere e ya tlohelwa, e fetohe metebo moo mehlape e bothang teng, ho se motho ya e tshosang.

3. Ho fedile le qhobosheane ya Efraime, le mmuso wa Damaseka, le ho setseng ha Siria; ho tla dula ka bona jwalokaha ho kile ha dula ka kganya ya bana ba Iseraele: ho bolela Jehova wa makgotla.

4. Mohlang oo, kganya ya Jakobo e tla dikela, le ho nona ha nama ya hae ho fetohe ho ota.

5. Ho tla ba jwaloka mohla mokotudi a tshwarang ditlhaka tsa koro, mme letsoho la hae le hela diqwapi, le jwaloka mohla ho tholwang diqwapi sekgutlong sa Refaime.

6. Ho sale ho thonakwa, jwaloka mohla ho hlohlorwang sefate sa mohlwaare, ha tholwana di sala di le pedi, kapa di le tharo makaleng a hodimo, di be nne, kapa di be hlano ntlheng tsa makala a sefate a behang: ho bolela Jehova, Modimo wa Iseraele.

7. Ka lona tsatsi leo, motho o tla lelalla ho Ya mmopileng, mahlo a hae a tadime ka nqa ho Mohalaledi wa Iseraele.

8. Ha a sa tla hlola a sheba dialetare, tseo e leng mosebetsi wa matsoho a hae, mme ha a sa tla hlola a tadima ho tseo a di bopileng ka menwana ya hae, leha e le diashera, leha e le ditshwantsho tsa letsatsi.

9. Tsatsing leo, metse ya hae ya diqhobosheane e tla ba jwaloka dithako tse merung le dihlorong tsa dithaba, tse siilweng pela bana ba Iseraele ke Bakanana; e tla ba nahathothe.

10. Hobane o lebetse Modimo wa poloko ya hao, ha o a ka wa hopola lefika la qhobosheane ya hao; ke ka baka leo o neng o lemile dirapa tse kgahlisang, wa di hloma e le tsa merara ya mafatshe a mang.

11. Eitse hobane o e hlome wa e etsetsa motero, mme hosasa wa thuntsha dipalesa; empa kotulo e fetohile kotulo ya maqeba a tebileng le ya masisapelo a tshabehang.

Makgotla a Baassiria a tla fediswa.

12. Jo! modumo wa ditjhaba tse ngata! Di duma jwaloka lewatle ha le duma. Jo! lerata la ditjhaba, e leng lerata le kang la metsi a mangata!

13. Ditjhaba di duma jwalokaha ho duma metsi a mangata. Empa Modimo o a di kgalemela, di balehela hole, di lelekiswa jwaloka mooko wa dithaba ha moya o foka, le jwaloka lerole pela sefefo.

14. Bonang, mantsiboya, tshenyeho e hlahile hang; ha bo eso ho se, ha bo ho se ho se motho! Ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, le kabelo ya ba re hlobodisang.