BIBELE e Halalelang

Genese 28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Jakobo o balehela Paddan-Arame. — Pono ya lere.

1. Isaaka a bitsa Jakobo, a mo hlohonolofatsa, a mo laela, a re ho yena: O se ke wa inkela mosadi ho baradi ba Kanana.

2. Tloha, o ye Paddan-Arame, tlung ya Bethuele, ntatao moholo, o inkele mosadi teng wa baradi ba Labane, malomao.

3. Modimo o matla wohle o o hlohonolofatse, o o atise, o o anafatse, o tle o fetohe letshwele la ditjhaba.

4. O o nee lehlohonolo la Abrahama, wena le mofuta wa hao o o hlahlamang, o tle o rue lefatshe leo o jakileng ho lona, leo Modimo o le neileng Abrahama.

5. Yaba Isaaka o fa Jakobo tsela; eo a ya Paddan-Arame, ho Labane, mora Bethuele, Moarame, kgaitsedi ya Rebeka, mmae a Jakobo le Esau.

6. Yare ha Esau a bona hoba Isaaka o hlohonolofaditse Jakobo, o mo rometse Paddan-Arame hore a inkele mosadi teng, le hoba, eitse ha a mo hlohonolofatsa, o mo laetse, a re: O se ke wa inkela mosadi wa baradi ba Kanana;

7. mme Jakobo a utlwile ntatae le mmae, a ile Paddan-Arame;

8. yaba Esau o lemoha hoba baradi ba Kanana ba babe mahlong a Isaaka, ntatae.

9. Yaba Esau o ya ho Ishmaele, a nka Mahalathe, moradi wa Ishmaele, mora Abrahama, kgaitsedi ya Nebajothe, hore e be mosadi wa hae, kantle ho basadi bao a neng a se a ena le bona.

10. Haele Jakobo a tloha Beerseba, a ya Kharane.

11. A fihla nqalong e nngwe, a lala teng, hobane letsatsi le ne le se le diketse. A nka lejwe le leng teng, a le sama, a robala teng.

12. A lora a bona lere e emisitswe fatshe, ntlha ya yona e fihla lehodimong, a bona le mangeloi a Modimo a nyoloha, a be a theoha ho yona.

13. A bona le Jehova a eme hodima yona, a re: Ke nna Jehova, Modimo wa Abrahama, ntatao, le Modimo wa Isaaka. Naha eo o robetseng ho yona, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao.

14. Ditloholo tsa hao di tla ba ka ka lerole la lefatshe; o tla namela bophirimela le botjhabela, le leboya le borwa, mme mefuta kaofela ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho wena le ho mofuta wa hao.

15. Bona, nna ke na le wena; ke tla o boloka hohle moo o ka yang teng, ke be ke o kgutlisetse naheng ena, hobane nke ke ka o tlohela, ke eso ho o etse seo ke o baletseng sona.

16. Yaba Jakobo o phaphama borokong ba hae, a re: Kannete Jehova o teng nqalong ena, kanthe ke sa tsebe.

17. A tshoha, a re: Nqalo ena e tshabeha hakakang! Mona ke ntlo ya Modimo, ke monyako wa lehodimo!

18. Ka meso, Jakobo a tsoha, a nka lejwe leo a neng a le samile, a le emisa hore e be mokolokotwane, mme a tshela ole hodima lona.

19. A rea nqalo eo lebitso la Bethele (ntlo ya Modimo); hobane pele, lebitso la motse oo e ne e le Luse.

20. Jakobo a ana kano, a re: Ha Modimo o ka ba le nna, wa mpoloka leetong lena leo ke le tsamayang; ha o ka nna wa mpha bohobe ke tle ke je, le diaparo ke tle ke apare;

21. ka ba ka kgutlela ka kgotso tlung ya ntate, Jehova e tla ba Modimo wa ka;

22. lejwe lena leo ke le emisitseng mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo; mme ke tla o ntshetsa karolo ya leshome ya tsohle tseo o tlang ho nnea tsona.