Esekiele

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42
  43. 43
  44. 44
  45. 45
  46. 46
  47. 47
  48. 48

BIBELE

Esekiele 32 BIBELE (SSO89SO)

Kgosi ya Egepeta e tshwantshwa le kganyapa

1. Ka letsatsi la pele la kgwedi ya leshome le metso e mmedi selemong sa leshome le metso e mmedi, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

2. “Wena ngwana motho, binela Faro, kgosi ya Egepeta, kodi-ya-malla, o re:“ <O tshwana le tawana hara ditjhaba,athe o ka kganyapae phelang mawatleng,e thalang kahara dinoka tsa yona,e tuduanyang metsi ka maoto a yona,e dukang dinoka e be dikgotlela.>

3. “Morena Modimo o bua tjena:“ <Ka matshwele a ditjhaba tse ngata,ke tla akgela letlowa la ka,ke le akgele hodima hao,ka letlowa lena a o hulele kantle.

4. Ke tla o akgela hodima lefatshe,ke o akgele hara mmanana,ke etse hore nonyanadi dule hodima hao,batana tsohle tsa nahadi je setopo sa hao.

5. Ke tla lahla nama ya hao,ke e lahlele hodima dithaba,ke tlatse dikgohloka mosohlo wa hao.

6. Hohlehohle ho ya fihla dithabeng,ka madi a hao ke tla nwesetsa naha,dikgohlo tsona di tlale nama ya hao.

7. Etlare ha ke o timetsamahodimo ke a kwahele,dinaledi tsa wona ke di fifatse.Letsatsi le tla kwahelwa ke maru,kgwedi e se ke ya eba le ngwedi.

8. Masedi wohlea phatsimang a lehodimoke tla a fifatsa ka baka la hao,naha ya hao e aparelwe ke lefifi,ho rialo Morena Modimo.

9. “ <Ha ke di behelatsa ho timetswa ha hao,tjhaba tse ngata di tla ba tlokotsing,di le naheng tseo o sa ka di tseba.

10. Ke tla etsa horetjhaba tse ngata di o makalle,kgosi tsa tsonadi thothomele ke tshabo,ha ke tsokotsa sabole ya kakapele ho tsona.Mohla tsatsi la timelo ya hao,batho ba tla thothomelaka nako tsohle,motho ka monga thothomele ke tshabo.a thothomeleke ho tshaba lefu la hae.

11. “ <Kahoo Morena Modimo o bua tjena:“ <Kgosi ya Babilonae tla le futuhela,e le futuhele e nkile sabole.

12. Mabotho a hao ke tla a etsa mofela,ke a bolaye ka saboletsa natla tsa banna,banna ba sehlohoho feta ditjhaba tsohle.Bokgabane ba Egepetaba tla bo fedisa,mabotho wohle a yona ba a ripitle.

13. Kgomo tsa hao tsohleke tla di bolaya,kgomo tse pela motlaputlapu,motlaputlapu wa metsi;ha a sa tla dukwa ke leoto la motho,ha a sa tla dukwa ke tlhako ya kgomo.

14. Ke tla hlwekisa metsi, maduke a fele,dinoka tsa teng di phalle jwaloka ole,ho rialo Morena Modimo.

15. “ <Mohla ke fetolang Egepeta,ke e fetola nanaola,ke fedisa tsohle tse teng ho yona,ke bolaya bohle ba ahileng ho yona,ke hona ba tla tsebahore ke nna Morena.>

16. “Ena ke kodi-ya-malla eo ba tla e binela Egepeta. Basadi ba baditjhaba ba tla e bina, ba llele Egepeta le setjhaba sohle sa yona, ho rialo Morena.”

Nqalo ya Bafu

17. Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi selemong sa leshome le metso e mmedi, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

18. “Wena ngwana motho, llela setjhaba sa Egepeta, ebe o se romela Nqalong ya Bafu mmoho le baradi ba ditjhaba tse ding tse matla, tse theohetseng mohohlong.

19. Ere ho tsona:“ <Eo le mo fetang ka botjakake mang?Theohelang,le yo rapalla hara maqai!>

20. “Setjhaba sa Egepeta se tla shwela hara ba bolailweng ka sabole. Se abetswe sabole, kahoo se hulele ho yona le mabotho wohle a sona.

21. Dinatla tsa bahlabani ba Nqalong ya Bafu di tla bua ka Faro le ba thusanang le yena, di re: <Ba theohetse mona, mme ba rapaletse le maqai a bolailweng ka sabole.>

22. “Asiria e teng le mabotho wohle a yona, e teetswe hare ke mabitla a bahlabani bohle ba yona, ba bolailweng ka sabole.

23. Mabitla a bona a dikgotjheletsaneng tsa mohohlo, a teetse lebitla la Asiria hare. Bohle ba bolailweng ka sabole, ke bona ba kileng ba tshosa batho ba phelang lefatsheng.

24. “Elame le yona e teng, mabotho a yona a teetse lebitla la yona hare. Kaofela ha bona ba bolailwe ka sabole, ba theohela Nqalong ya Bafu e ntse le maqai; bona ba kileng ba tshosa batho ba phelang lefatsheng; jwale ba jere sekgobo sa bona mmoho le ba theohetseng mohohlong.

25. Elame e abetswe diphate hara ba bolailweng le mabotho wohle a yona. E teetswe hare ke mabitla a bona; kaofela ha bona ke maqai a bolailweng ka sabole. Le hoja ba ile ba tshosa batho ba phelang lefatsheng, jwale ba jere sekgobo sa bona mmoho le ba theohetseng lebitleng. Elame e beilwe hara ba bolailweng.

26. “Mesheke le Tubale le tsona di teng, mmoho le mabotho wohle a tsona. Di teetswe hare ke mabitla a bahlabani ba tsona; kaofela ha bona ke maqai a bolailweng ka sabole, le hoja ba ile ba tshosa batho ba phelang lefatsheng.

27. Empa ha ba a epelwa le bahlabani ba maqai ba bolailweng, ba theohetseng Nqalong ya Bafu le dihlomo tsa bona tsa ntwa, ba ileng ba sama disabole tsa bona, ditopo tsa bona tsa kwahelwa ka dithebe tsa bona, le hoja ba ile ba tshosa dinatla tse phelang lefatsheng.

28. “Le wena Faro, o tla robokelwa, o rapalle hara maqai le ba ileng ba bolawa ka sabole.

29. “Edomo le yona e teng, le dikgosi tsa yona le mahosana a yona. Le hoja batho bana e ne e le dinatla, ba rapaletse le ba bolailweng ka sabole. Ba tla rapalla jwalo le maqai le ba theohelang mohohlong.

30. “Ho teng le mahosana wohle a leboya, le Basidone bohle ba teng ba theohetseng mohohlong le ba bolailweng ka sabole. Le hoja ba ne ba tshajwa haholo, bonatla ba bona bo ba hlabisitse dihlong, ba shwele e ntse le maqai, ba rapaletse le ba bolailweng ka sabole, ba jere sekgobo sa bona le ba theohetseng mohohlong.

31. “Faro o tla bona batho bana bohle ba bolailweng ka sabole, mme o tla tshediseha, yena le mabotho wohle a hae, ho rialo Morena Modimo.

32. “Le hoja ke ile ka etsa hore Faro a tshajwe haholo ke batho ba phelang lefatsheng, o tla rapalla hara maqai le ba bolailweng ka sabole; yena Faro le mabotho wohle a hae, ho rialo Morena Modimo.”