Esekiele

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42
  43. 43
  44. 44
  45. 45
  46. 46
  47. 47
  48. 48

BIBELE

Esekiele 11 BIBELE (SSO89SO)

Kahlolo ya baetapele ba Iseraele

1. Yaba Moya wa mphahamisa, o mphihlisa monyakong o ka botjhabela wa Tempele ya Morena, o tadimileng botjhabela. Hona moo monyako ho ne ho eme banna ba mashome a mabedi a metso e mehlano; hara bona ka bona Jaasaneya, mora wa Asure, le Pelatiya, mora wa Benaya, e leng baetapele ba setjhaba.

2. Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, banna bana ke bona ba ntseng ba rera bokgopo, ba fana ka dikeletso tse mpe hara motse mona.

3. Ba re: <Nako ya ho haha matlo e sa le hole! Motse ona ke pitsa, mme rona re nama.>

4. Ka baka leo, porofeta, o ba hanyetse; porofeta wena ngwana motho.”

5. Yaba Moya wa Morena o fihla ho nna, o mpolella hore ke re: “Morena o bua tjena: Sena ke sona seo le se buileng, lona ba ntlo ya Iseraele, hobane ke tseba mehopolo yohle ya dipelo tsa lona.

6. Le bolaile batho ba bangata motseng ona, mme le tlatsitse diterata tsa wona ka babolauwa.

7. “Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Ditopo tseo le di lahletseng hara motse ke yona nama, mme motse ona wona ke pitsa, empa lona ke tla le ntsha kahara wona.

8. Le tshaba ho bolawa ka sabole, empa le tla bolawa ka sabole, ho rialo Morena Modimo.

9. Ke tla le ntsha kahara motse ona, ke neelane ka lona matsohong a baditjhaba, mme ke le ahlole!

10. Le tla bolawa ka sabole, ke le ahlolele meeding ya naha ya Iseraele, mme le tla tseba hore ke nna Morena.

11. Motse ona e ke ke ya eba pitsa ho lona, kapa lona la ba nama e ka pitseng eo; ke tla le ahlolela meeding ya naha ya Iseraele.

12. Le tla tseba hore ke nna Morena, hobane ha le a ka la latela ditaelo tsa ka, kapa la boloka melao ya ka, empa le latetse melao ya ditjhaba tse le potapotileng.”

13. Yare ha ke ntse ke porofeta Pelatiya, mora wa Benaya, a shwa. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ke howeletsa haholo, ke re: “Oho, Morena Modimo! Na o tla timetsa le masalla wohle a Iseraele?”

Tshepiso ya Modimo ho bathopuwa

14. Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

15. “Wena ngwana motho, bana beno, e, bana beno bao o tswalanang le bona, e leng bohle ba ntlo ya Iseraele, ke bona bao baahi ba Jerusalema ba itseng ho bona: <Eyang hole le Morena! Naha ena re e filwe hore e be lefa la rona!>

16. “Ka baka leo he, o re ho bona: <Morena Modimo o bua tjena: Le hoja ke le leleketse hole, hara baditjhaba, mme ke le hasantse hara dinaha, ka nakwana ke tla ba sehalalelo ho lona dinaheng tseo le ileng ho tsona.>

17. “Ka baka leo he, o re ho bona: <Morena Modimo o bua tjena: Ke tla le phutha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tseo le neng le qhalanyeditswe ho tsona, ke le buseletse naha ya Iseraele.>

18. “Ba tla kgutlela naheng ena, mme ba hleke medingwana ena e nyonyehang, le manyala wohle a teng.

19. Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke ba nee le moya o motjha, ke fedise dipelo tsa bona tse thata, ke ba nee dipelo tse ikokobeditseng.

20. Ba tla latela ditaelo tsa ka, ba boloke melao ya ka, ba e phethahatse. E tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona.

21. Empa ha e le bana bao dipelo tsa bona di ineetseng medingwana ya bona e nyonyehang, e manyala, ke tla ba otlela mesebetsi ya bona, ho rialo Morena Modimo.”

Tlotla ya Modimo e tloha Jerusalema

22. Jwale dikerubime tsa thathalatsa mapheo a tsona, tsa phahamisa le mabidi a mahlakoreng a tsona, mme tlotla ya Modimo wa Iseraele ya eba kahodimo ho tsona.

23. Tlotla ya Morena ya tloha hara motse, ya fihla ya dula hodima thaba e ka botjhabela ho motse.

24. Ka pona e entsweng ke Moya wa Modimo, Moya wa mphahamisa, wa nkisa ho bathopuwa ba naheng ya Bakalatiya.Yaba pono eo ke e boneng e tloha ho nna,

25. mme ka bolella bathopuwa tsohle tseo Morena a mpontshitseng tsona.