BIBELE

Esekiele 11:14-21 BIBELE (SSO89SO)

14. Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

15. “Wena ngwana motho, bana beno, e, bana beno bao o tswalanang le bona, e leng bohle ba ntlo ya Iseraele, ke bona bao baahi ba Jerusalema ba itseng ho bona: <Eyang hole le Morena! Naha ena re e filwe hore e be lefa la rona!>

16. “Ka baka leo he, o re ho bona: <Morena Modimo o bua tjena: Le hoja ke le leleketse hole, hara baditjhaba, mme ke le hasantse hara dinaha, ka nakwana ke tla ba sehalalelo ho lona dinaheng tseo le ileng ho tsona.>

17. “Ka baka leo he, o re ho bona: <Morena Modimo o bua tjena: Ke tla le phutha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tseo le neng le qhalanyeditswe ho tsona, ke le buseletse naha ya Iseraele.>

18. “Ba tla kgutlela naheng ena, mme ba hleke medingwana ena e nyonyehang, le manyala wohle a teng.

19. Ke tla ba nea pelo e le nngwe, ke ba nee le moya o motjha, ke fedise dipelo tsa bona tse thata, ke ba nee dipelo tse ikokobeditseng.

20. Ba tla latela ditaelo tsa ka, ba boloke melao ya ka, ba e phethahatse. E tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona.

21. Empa ha e le bana bao dipelo tsa bona di ineetseng medingwana ya bona e nyonyehang, e manyala, ke tla ba otlela mesebetsi ya bona, ho rialo Morena Modimo.”