BIBELE

Esekiele 11:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Yaba Moya wa mphahamisa, o mphihlisa monyakong o ka botjhabela wa Tempele ya Morena, o tadimileng botjhabela. Hona moo monyako ho ne ho eme banna ba mashome a mabedi a metso e mehlano; hara bona ka bona Jaasaneya, mora wa Asure, le Pelatiya, mora wa Benaya, e leng baetapele ba setjhaba.

2. Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, banna bana ke bona ba ntseng ba rera bokgopo, ba fana ka dikeletso tse mpe hara motse mona.

3. Ba re: <Nako ya ho haha matlo e sa le hole! Motse ona ke pitsa, mme rona re nama.>

4. Ka baka leo, porofeta, o ba hanyetse; porofeta wena ngwana motho.”

5. Yaba Moya wa Morena o fihla ho nna, o mpolella hore ke re: “Morena o bua tjena: Sena ke sona seo le se buileng, lona ba ntlo ya Iseraele, hobane ke tseba mehopolo yohle ya dipelo tsa lona.

6. Le bolaile batho ba bangata motseng ona, mme le tlatsitse diterata tsa wona ka babolauwa.

7. “Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Ditopo tseo le di lahletseng hara motse ke yona nama, mme motse ona wona ke pitsa, empa lona ke tla le ntsha kahara wona.

8. Le tshaba ho bolawa ka sabole, empa le tla bolawa ka sabole, ho rialo Morena Modimo.

9. Ke tla le ntsha kahara motse ona, ke neelane ka lona matsohong a baditjhaba, mme ke le ahlole!

10. Le tla bolawa ka sabole, ke le ahlolele meeding ya naha ya Iseraele, mme le tla tseba hore ke nna Morena.

11. Motse ona e ke ke ya eba pitsa ho lona, kapa lona la ba nama e ka pitseng eo; ke tla le ahlolela meeding ya naha ya Iseraele.