Esaya

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42
  43. 43
  44. 44
  45. 45
  46. 46
  47. 47
  48. 48
  49. 49
  50. 50
  51. 51
  52. 52
  53. 53
  54. 54
  55. 55
  56. 56
  57. 57
  58. 58
  59. 59
  60. 60
  61. 61
  62. 62
  63. 63
  64. 64
  65. 65
  66. 66

BIBELE

Esaya 56 BIBELE (SSO89SO)

Ditjhaba tsohle e tla ba tsa Modimo

1. Morena o bua tjena:“Ahlolang ka toka,le etse ho nepahetseng,hobane ho pholosa ha kaho se ho le haufi,le ho loka ha kaho se ho tla senolwa.

2. Ho lehlohonolo mothoya etsang tsena,ho lehlohonolo mothoya di kgomarelang,ya bolokang Sabatha,ya sa se silafetseng,eo tsoho la haele sa etseng tse mpe.

3. “Se dumelle moditjhabaya ikabetseng Morena hore a re:<Morena o tla nkgethollatjhabeng sa hae ho hang!>Se dumelle lehaoleho ipelaetsa, le re:<Nna ke sefate se omeletseng!> ”

4. Morena o bua tjena ho mahaole:“Mahaole a bolokangDisabatha tsa ka,a ikgethelang tse nthabisang,a kgomarelang selekane sa ka,

5. kahara tempele ya ka,kahara marako a yona,ke tla a etsetsa kgopotso,ke a ree lebitso, bitso le fetangla ba nang le bara le baradi,ke tla a rea lebitso la kamehla yohle,bitso le ke keng la hlola le fediswa.

6. “Haele baditjhababa ikabetseng Morena,ba ikabetseng ho mo sebeletsa,le hona ho rata bitso la hae,bao e leng bahlanka ba hae,ba bolokang Sabatha,ba se boloka ba sa se silafatse,ba kgomaretseng selekane sa ka;

7. bona ke tla ba tlisathabeng ya ka e halalelang,ke ba thabiseka tlung ya ka ya thapelo.Nyehelo tsa bona tsa setjhesole mahlabelo a bona,tsena ke tla di amohelaaletareng ya ka,hobane ntlo ya kae tla bitswa ntlo ya thapelo,e bitswe ntlo ya thapeloya ditjhaba tsohle.”

8. Morena Modimo, yena ya kgutlisang baphaphathehi ba Iseraele, o bua tjena:“Ke sa tla boelake mo kgutlisetsa ba bang,ntle ho baoke seng ke ba kgutlisitse.”

Ho nyatswa baetapele ba Iseraele

9. “Lona batana tsohle tsa nahatloong, le harole,lona dibatana tsohle tsa meru.

10. Balebedi ba Iseraele ba foufetse,ha ba na tsebo,ke ntja tsa dimumu,ha di tsebe ho bohola,di a robala, di bothe,di ithatela boroko.

11. Ke ntja tsa menyollo,ha di ke be di kgore,ke badisana ba se nang kutlwisiso,motho ka mongo ikela ka tsela ya hae,motho ka mongo ipatlela mounomoo o ka bang teng.

12. Motho ka mong o re:<Tloong kwano, ke tla lata veine!A re itlopeng jwala,re be re bo shebe feela!La hosasanele tla nne le ke la kajeno,mohlomong le tla ba letleho feta lena!> ”