Esaya

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22
  23. 23
  24. 24
  25. 25
  26. 26
  27. 27
  28. 28
  29. 29
  30. 30
  31. 31
  32. 32
  33. 33
  34. 34
  35. 35
  36. 36
  37. 37
  38. 38
  39. 39
  40. 40
  41. 41
  42. 42
  43. 43
  44. 44
  45. 45
  46. 46
  47. 47
  48. 48
  49. 49
  50. 50
  51. 51
  52. 52
  53. 53
  54. 54
  55. 55
  56. 56
  57. 57
  58. 58
  59. 59
  60. 60
  61. 61
  62. 62
  63. 63
  64. 64
  65. 65
  66. 66

BIBELE

Esaya 34 BIBELE (SSO89SO)

Modimo o tla ahlola dira tsa hae

1. Lona ditjhaba tsohleatamelang, le mamele,lona merabe sekehang tsebe!Lefatshe le tsohle tse ho lona,le tsohle tse tswang ho lona,le ke le mamele!

2. Morena o halefetse ditjhaba tsohle,kgalefo ya haee hodima mabotho wohle a tsona;o di timeditse kaofela ha tsona,o neelane ka tsona hore di bolawe.

3. Ba bolailwengba tla lahlelwa kantle,topong tsa bonaho tswe bodu se nkgang phu!Thaba di be di thelle,di thelle ke madi a bona.

4. Naledi tsohle tsa lehodimodi tla nyamela,mahodimo a phuthwesa ha ho phuthuwa lengolo;naledi tsohle di tla wela fatshe,di we sa mahaba a morara,sa mahaba a omeletse,sa feiye ha e hlohloreha sefateng.

5. Sabole ya Morenae tswa lehodimong,bonang ke eo e theohaho ahlola Edomo,tjhaba seo a rerilengho se timetsa.

6. Sabole ya Morenae kganathetse madi,mafura e a jelesa mpana-phatloha;e kganathetse madia dikonyana le a dipodi,e kganathetse mafuraa diphiyo tsa dipheleu.Morena o tla etsa sehlabelo,a se etse a le Bosera,Baedomo a ba bolaye,a ba etse mofela.

7. Dinare di tla bolawa,di bolawe mmoho le bona,ho bolawe le dipohwanale poho tsa diqhashola.Naha ya bonae tla ba qhafutso ya madi,mobu wa bonao tshwetshwethe mafura.

8. Morena o kgethile letsatsila ho phetetsa,le selemo sa ho lefeletsa Sione.

9. Metsi a noka tsa Edomoa tla fetoha boka,mobu wa yona o fetohe sebabole,naha e fetohe bokabo tukang malakabe!

10. E ke ke ya tingwamotsheare le bosiu,mosi wa yonao tla foqoha kamehla yohle.Naha e tla ba nanaolaka mengwaha yohle,ha ho ya sa tla feta hara yona.

11. Morubisi le sephookwanadi tla hahela ho yona,makgohlo le lekgwabadi etse dihlaha ho yona.Modimo o tla e fetola letswatlare,e be feela,e hloke sebopeho jwaloka pelepele ho tlholeho ya dintho.

12. Ha ho kgosi e tla busa naha eo,mahosana wohle a yonaa tla fetoha lefeela.

13. Matlo a bokgosia tla mela meutlwa,qhobosheane di melelle bobatsile hlabahlabane.naha eo e tla fetohahae la diphokojwe,e be moo dimpshe di phelang teng.

14. Batana tsa nahadi tla kopana le makanyane,matsa a bitsaneka ho etsa lemeemee;phoofolo tsa bosiu di tla itlela moo,di itlele mooho batla baka sa ho phomola.

15. makgohlo o tla haha sehlaha teng,a behele a be a qhotse,madinyane a a sireletseka mapheo a hae;matlaka le wonaa tla kgobokanela moo,le letona ka lengle be le sethole sa lona.

16. Fuputsa bukeng ya Morena,o bale:Ha ho le e nngwe ya tsonae tla ba siyo,ha ho le e nngwe ya tsonae tla hloka molekane.Ke molomo wa Morenao entseng taelo,ke Moya wa hae o tla di bokella.

17. Morena o di abetse naha ka lotho,ka tsoho la hae o di fa ka ho lekana,di tla rua naha eo kamehla yohle,meloko ya tsona e phele ho yonaka ho hlahlamana.