BIBELE

Esaya 34:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Lona ditjhaba tsohleatamelang, le mamele,lona merabe sekehang tsebe!Lefatshe le tsohle tse ho lona,le tsohle tse tswang ho lona,le ke le mamele!

2. Morena o halefetse ditjhaba tsohle,kgalefo ya haee hodima mabotho wohle a tsona;o di timeditse kaofela ha tsona,o neelane ka tsona hore di bolawe.

3. Ba bolailwengba tla lahlelwa kantle,topong tsa bonaho tswe bodu se nkgang phu!Thaba di be di thelle,di thelle ke madi a bona.

4. Naledi tsohle tsa lehodimodi tla nyamela,mahodimo a phuthwesa ha ho phuthuwa lengolo;naledi tsohle di tla wela fatshe,di we sa mahaba a morara,sa mahaba a omeletse,sa feiye ha e hlohloreha sefateng.

5. Sabole ya Morenae tswa lehodimong,bonang ke eo e theohaho ahlola Edomo,tjhaba seo a rerilengho se timetsa.

6. Sabole ya Morenae kganathetse madi,mafura e a jelesa mpana-phatloha;e kganathetse madia dikonyana le a dipodi,e kganathetse mafuraa diphiyo tsa dipheleu.Morena o tla etsa sehlabelo,a se etse a le Bosera,Baedomo a ba bolaye,a ba etse mofela.

7. Dinare di tla bolawa,di bolawe mmoho le bona,ho bolawe le dipohwanale poho tsa diqhashola.Naha ya bonae tla ba qhafutso ya madi,mobu wa bonao tshwetshwethe mafura.

8. Morena o kgethile letsatsila ho phetetsa,le selemo sa ho lefeletsa Sione.

9. Metsi a noka tsa Edomoa tla fetoha boka,mobu wa yona o fetohe sebabole,naha e fetohe bokabo tukang malakabe!