BIBELE

Dipesalema 141:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Pesalema ya Davida.Morena, ke ipiletsa ho wena,ako mpotlakele;sekehela lentswe la ka tsebe,ha ke ipiletsa ho wena.

2. Thapelo ya kae nyolohele ho wena,e nyolohe jwaloka mokubetso,ke phahamise matsoho a kae le nyehelo ya mantsiboya.

3. Morena, ako bee molebedi,o mmee molomong wa ka,o dise monyako wa molomo wa ka;

4. pelo ya ka e se ke ya sekama,ya sekamela dinthong tse mpe.Ke se ke ka etsamesebetsi ya bokgopomokgatlong wa batho ba sa lokang;ke se ke ka latswa menate ya bona.

5. Ho molemoha ke otlwa ke ya lokileng,ke kgalemelwa ke yena;hoo ke ole eo hlooho ya kae ke keng ya e hana,ke tla nne ke rapeleleha ba kgopo ba ntshwenya.

6. Mohla baahlodi ba bonaba dihelwang dilomong,ke hona batho ba tla tsebahore mantswe a ka e ne e le a nnete.

7. Jwalokaha ho kgathwa,ho tabolwa thite,masapo a bonaa tla qhalanngwa jwalo,a qhalanngwekgorong ya Nqalo ya Bafu.