BIBELE

Baheberu 1:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Mehleng ya kgale Modimo o ile a bua le bo-ntata rona ka baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka mekgwa e mengata,

2. empa jwale matsatsing ana a qetello o buile le rona ka Mora wa hae, eo a entseng tsohle ka yena, mme a mo etsa mojalefa wa tsona.

3. Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.

4. O entswe e moholo ho feta mangeloi, jwalokaha lebitso leo Modimo a mo neileng lona le feta a mangeloi.

5. Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona:“O Mora wa ka,kajeno ke o tswetse?”“Kapa a re:“Ke tla ba Ntatae,le yena e be Mora wa ka?”

6. Hape mohla a romelang Mora wa hae wa letsibolo lefatsheng, a na a re:“Mangeloi wohle a Modimoa mo kgumamele.”

7. Ha e le ka mangeloi ho itswe:“O etsa mangeloi a hae meya,le basebeletsi ba haemalakabe a mollo.”

8. Empa ka Mora ho itswe:“Terone ya hao Modimo,ke ya kamehla le mehla,lere la hao la puso,ke lere la toka.

9. O rata ho loka,o hloile bokgopo;kahoo Modimo,Modimo wa hao,o o tlotsitse ka ole ya thabo,ho ena le balekane bohle ba hao.”