BIBELE e Halalelang

Sefela Sa Salomone 8:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Hola o ho nna jwaleka kgaitsedi ya me, ya antseng letswele la mme, nka be ke ya o kgahlanyetsa kantle, ka o aka, ke sa nyatsuwe.

2. Nka be ke o nka, ka o isa tlung ya mme, mme o ka be o nthuta, mme nka be ke o fa o enwa veine e tswakilweng, metsi a dikharanata tsa me.

3. Le tsoho la hae le letshehadi le be katlasa hlooho ya me, mme a nkope ka le letona!