BIBELE e Halalelang

Numere 5:9-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Kabelo e nngwe le e nngwe ya dintho tse kgethelwang ke bana ba Iseraele, e tla ruwa ke moprista eo e iswang ho yena.

10. Dintho tse kgethelwang e tla ba tsa hae. Ntho e tlang ho iswa ho moprista e tla ba ya hae.

11. Jehova a bua le Moshe, a re:

12. Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Ekare ha mosadi wa monna a kgeloha, mme a mo sitelwa;

13. ha monna e mong a mo feba, mme ketso eo e lobilwe mahlong a monna wa hae, ha a itshentse ka sephiring, ho se paki e ka mmolelang, a sa ka a tshwarwa a etsa sebe sa hae,

14. mme ha moya wa poulelo o tshwara monna wa hae, hore a belaele ka mosadi wa hae ya itshentseng, kapa ha moya wa poulelo o tshwara monna, mme o mo belaetsa ka mosadi wa hae, leha a sa ka a itshenya,

15. monna eo o tla tlisa mosadi wa hae ho moprista, a tlise le nyehelo ya hae ya boshome ba efa ya phofo ya harese. A ke ke a tshela ole ho yona, a ke ke a bea dibano teng, hobane ke nyehelo ya poulelo, nyehelo ya kgopotso, e hopotsang bokgopo.

16. Moprista o tla atametsa mosadi, a mo emise pela Jehova.

17. Moprista o tla nka metsi a kgethehileng ka pitseng ya letsopa; moprista o tla ola lerole fatshe tabernakeleng, a le tshele metsing ao;

18. moprista o tla emisa mosadi pela Jehova; o tla kwaholla hlooho ya mosadi, a bee diatleng tsa hae nyehelo ya kgopotso, e leng nyehelo ya poulelo; mme moprista o tla nka ka letsohong la hae metsi a babang a tlisang thohako.

19. Moprista o tla hlapantsha mosadi, a re ho yena: Ha ho se monna ya robetseng le wena, ha wena o leng matleng a monna o sa ka wa mo furalla o tle o itshenye, o ke o phonyohe metsing ana a babang, a tlisang thohako.

20. Empa ha wena o leng matleng a monna, o mo furaletse, o bile o itshentse, ha monna osele ho monna wa hao a kile a robala le wena ...

21. Mona moprista o tla hlapantsha mosadi ka kano ya thohako, mme o tla re ho mosadi: Jehova a o neele thohakong le hlapaolong hara setjhaba sa heno, a omeletse letheka la hao, a kokomose mpa ya hao;

22. metsi ana a tlisang thohako a kene maleng a hao, a kokomose mpa ya hao, mme a omeletse letheka la hao. Mme mosadi o tla re: Amen! amen!

23. Moprista o tla ngola bukeng e nngwe dithohako tseo, a ntoo di hlakola ka metsi a babang;

24. o tla nosa mosadi metsi a babang, a tlisang thohako, mme metsi a tlisang thohako a tla kena ho yena, a hlahise teng ho baba.

25. Moprista o tla nka diatleng tsa mosadi nyehelo ya poulelo; o tla tsokotsa nyehelo pela Jehova, mme o tla e bea aletareng.

26. Moprista o tla qotsa ho ka tlatsang seatla nyehelong eo, e be ya kgopotso, mme o tla ho tjhesa aletareng; kamora tseo o tla nosa mosadi metsi ao.

27. Etlare hobane a mo nose metsi ao, ho tla etsahala hore, ha a fela a itshentse, mme a sitetswe monna wa hae, metsi a tlisang thohako a tla kena ho yena, a hlahise teng ho baba; mpa ya hae e tla kokomoha, letheka la hae le omelle, mme mosadi eo e tla ba thohako hara setjhaba sa habo.