BIBELE e Halalelang

Numere 34:6-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Moedi wa lona ka nqa bophirimela, e tla ba Lewatle le Leholo; ke wona moedi wa lona ka nqa bophirimela.

7. Moedi wa lona, ka nqa leboya, e tla ba ona: O tla tloha Lewatleng le Leholo, mme le tla o fihlisa thabeng ya Hore;

8. ho tloha thabeng ya Hore le tla o fetisa ka Hamathe, o kene Tsedade,

9. o fete ka Sifrone, mme o felle Hatsar-Enane. Moedi wa lona e tla ba wona ka nqa leboya.

10. Le tla itshehela moedi wa lona ka nqa botjhabela, ka ho tloha Hatsar-Enane ho isa Shefame;

11. ho tloha Shefame, moedi o tla theohela Ribla, ka nqa botjhabela ho Aine; mme o tla theoha, o sike le Lewatle la Kinnerethe, ka nqa botjhabela,

12. mme o tla theosa Jordane ho ya kena Lewatleng la Letswai. Naha ya lona e tla ba jwalo, ka meedi ya yona e e teelang hare.

13. Moshe a nea bana ba Iseraele taelo eo, a re: Ke yona naha eo le tla arolelana yona ka lotho, eo Jehova a laetseng hore e newe meloko e robileng mono o le mong le halofo ya moloko.

14. Hobane leloko la bara ba Rubene ka matlo a bontata bona, le leloko la bara ba Gade ka matlo a bontata bona, le ba halofo ya leloko la Manasse, ba se ba nkile lefa la bona.