BIBELE e Halalelang

Numere 34:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a bua le Moshe, a re: Laela bana ba Iseraele, o re ho bona:

2. Etlare hobane le kene naheng ya Kanana, naha eo e tla ba lefa la lona, ke eo: naha ya Kanana ka meedi ena ya yona:

3. Ka nqa borwa, moedi e tla ba lefeella la Tsine, ho fihlela Edomo; moedi wa lona, ka nqa borwa, o tla tloha pheletsong ya Lewatle la Letswai ka nqa botjhabela;

4. o tla pota moepa wa Akrabbime, ka nqa borwa; o fete ka Tsine, mme o fihle Kadeshe-Barnea, ka nqa borwa; o tla ya ka Hatsar-Addare, mme o tla feta Atsmone,

5. ho tloha Atsmone, o tla pota ho isa molapong wa Egepeta, mme o kene Lewatleng.

6. Moedi wa lona ka nqa bophirimela, e tla ba Lewatle le Leholo; ke wona moedi wa lona ka nqa bophirimela.

7. Moedi wa lona, ka nqa leboya, e tla ba ona: O tla tloha Lewatleng le Leholo, mme le tla o fihlisa thabeng ya Hore;

8. ho tloha thabeng ya Hore le tla o fetisa ka Hamathe, o kene Tsedade,

9. o fete ka Sifrone, mme o felle Hatsar-Enane. Moedi wa lona e tla ba wona ka nqa leboya.

10. Le tla itshehela moedi wa lona ka nqa botjhabela, ka ho tloha Hatsar-Enane ho isa Shefame;

11. ho tloha Shefame, moedi o tla theohela Ribla, ka nqa botjhabela ho Aine; mme o tla theoha, o sike le Lewatle la Kinnerethe, ka nqa botjhabela,

12. mme o tla theosa Jordane ho ya kena Lewatleng la Letswai. Naha ya lona e tla ba jwalo, ka meedi ya yona e e teelang hare.

13. Moshe a nea bana ba Iseraele taelo eo, a re: Ke yona naha eo le tla arolelana yona ka lotho, eo Jehova a laetseng hore e newe meloko e robileng mono o le mong le halofo ya moloko.