BIBELE e Halalelang

Numere 23:8-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Na nka rohaka jwang eo Modimo o sa kang wa mo rohaka? Na nka halefela jwang eo Jehova a sa mo halefeleng?

9. Ke a mmona, ke le qhoweng ya mafika; ke a mmoha ke le hlorong ya dithaba; bonang, ke setjhaba se ahang se nnotshi, se sa balweng le ditjhaba.

10. A ke mang ya ka balang lerole la Jakobo, ya ka bolelang karolo ya bone ya palo ya Iseraele? A nke ke shwe lefu la ba lokileng, mme bofelo ba ka bo tshwane le jwa bona!

11. Balake a re ho Balaame: Na o nkentseng? Ke o bitsitse ho rohaka sera sa ka, mme jwale o hlile o se hlohonolofaditse!

12. A araba, a re: Ha ke re, ke tshwanetse ho bolela seo Jehova a se beileng molomong wa ka na?

13. Balake a re ho yena: Tloo le nna hle bakeng sesele, moo o tla se bona; o tla bona karolo e le nngwe feela ya sona, e seng ho se bona kaofela. O nthohakele sona teng.