BIBELE e Halalelang

Numere 23:20-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Bona, ke laetswe ho hlohonolofatsa! O hlohonolofaditse, nke ke ka ho fetola.

21. Ha o fumane bokgopo ho Jakobo, le tse sa lokang ha o di bone ho Iseraele: Jehova, Modimo wa hae, o na le yena; ke morena wa hae, eo a mo thabelang.

22. Modimo o ne o mo ntshe Egepeta; o na le matla a kang a nare.

23. Jakobo a ke ke a louwa, le Iseraele a ke ke a nohelwa. Jwale ho tla bolellwa Jakobo le Iseraele mosebetsi o sebeditsweng ke Modimo.

24. Ke setjhaba se tsohang jwaloka tau e tshehadi, se itsosang jwaloka tau. Se ke ke sa dula se eso ho harole hlwibilo, se eso ho nwe madi a ba bolailweng.

25. Yaba Balake o re ho Balaame: Ha o se na ho se rohaka, o mpe o se ke wa se hlohonolofatsa. Balaame a fetola, a re ho Balake:

26. Na hase seo ke o boleletseng sona, ka re: Ke tla etsa tsohle tseo Jehova a tla mpolella tsona na?

27. Empa Balake a re ho Balaame: Tloo jwale, ke o ise bakeng sesele; mohlomong ha o le mane, e tla ba ntho e lokileng mahlong a Modimo hore o nthohakele setjhaba seo, o le mane.

28. Balake a isa Balaame qhoweng ya Peore, moo e okametseng lefeella.

29. Balaame a re ho Balake: Nkgahele mona dialetare tse supileng, mme o ntokisetse teng dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng.

30. Balake a etsa kamoo Balaame a mmoleletseng kateng, a hlaba poho le pheleu hodima aletare e nngwe le e nngwe.