BIBELE e Halalelang

Numere 23:17-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. A boela ho yena, a fihlela Balake a eme pela setjheso sa hae, a ena le matona a Moabe.

18. Balake a mmotsa, a re: Jehova o itseng?

19. Yaba Balaame o porofeta, a re: Tsoha, Balake, o mamele; sekeha tsebe, mora Tsippore! Modimo hase motho, hore o tle o etse leshano, kapa mora motho, hore o tle o bake. Seo o se boletseng, na o ke ke wa se etsa na? Seo o se rerileng, na o ke ke wa se phetha na?

20. Bona, ke laetswe ho hlohonolofatsa! O hlohonolofaditse, nke ke ka ho fetola.

21. Ha o fumane bokgopo ho Jakobo, le tse sa lokang ha o di bone ho Iseraele: Jehova, Modimo wa hae, o na le yena; ke morena wa hae, eo a mo thabelang.

22. Modimo o ne o mo ntshe Egepeta; o na le matla a kang a nare.

23. Jakobo a ke ke a louwa, le Iseraele a ke ke a nohelwa. Jwale ho tla bolellwa Jakobo le Iseraele mosebetsi o sebeditsweng ke Modimo.

24. Ke setjhaba se tsohang jwaloka tau e tshehadi, se itsosang jwaloka tau. Se ke ke sa dula se eso ho harole hlwibilo, se eso ho nwe madi a ba bolailweng.

25. Yaba Balake o re ho Balaame: Ha o se na ho se rohaka, o mpe o se ke wa se hlohonolofatsa. Balaame a fetola, a re ho Balake:

26. Na hase seo ke o boleletseng sona, ka re: Ke tla etsa tsohle tseo Jehova a tla mpolella tsona na?

27. Empa Balake a re ho Balaame: Tloo jwale, ke o ise bakeng sesele; mohlomong ha o le mane, e tla ba ntho e lokileng mahlong a Modimo hore o nthohakele setjhaba seo, o le mane.