Nahume

  1. 1
  2. 2
  3. 3

BIBELE e Halalelang

Nahume 3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jo! motse wa madi! O tletse bohata le polao kahohle; teng, ha ho leswe ho hapuwa.

2. Utlwang lerata la diphadi ke lena, le modumo o moholo wa maoto a makoloi, le pere tse kgemang, le makoloi a tlolakang!

3. Mokalli o a nehela, ... sabole e a bekenya, lerumo le a phatsima, ... ba hlabilweng ba bangata, ... ke diqubuqubu tsa ba bolailweng, ha ho moo ditopo di fellang; ... ba kgoptjwa ke ditopo tse shweleng!

4. Ke ka baka la bootswa bo boholo ba seotswa se kgahlisang, moloi ya rekisang ditjhaba ka bootswa ba hae, le meloko ka boloi ba hae.

5. Bona, ke tla ho wena, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla o apola, kobo ya hao ke e busetse sefahlehong sa hao, ke tle ke bontshe ditjhaba bofeela ba hao, ke bontshe le mebuso dihlong tsa hao;

6. ke tla akgela ditshila hodima hao, ke tla o tlotlolla, ke o etse ntho e babatsehang;

7. mme ho tla etsahala hobane bohle ba o bonang ba tla o balehela, mme ho tla thwe: Ninive o sentswe! Ya ka mo lellang ke mang! Nka o batlela batshedisi kae?

8. Na o fetisa No-Amone, motse oo o neng o dutse hodima dinoka, o neng o teetswe hare ke metsi, oo lewatle e neng e le tshireletso ya wona, mme lerako la wona le ne le nyoloha lewatleng?

9. Bakushe ba matla a maholo, le Baegepeta ba sa balweng, Baphuthe le Balube e be e le batlatsi ba wona.

10. Leha ho le jwalo, le wona o o tlositswe, o ile kgolohong; bana ba wona ba ile ba tlapunngwa dikhutlong tsohle tsa diterata; ba kgabane ba wona ba loalwa ka lotho, le baholo ba wona kaofela ba bofshwa ka mahlaahlela.

11. Le wena o tla tahwa, o be o timelle; le wena o tla bo o re, o batla setshabelo ho phema sera.

12. Diqhobosheane tsa hao kaofela ke difate tsa feiye tse beileng dilopotsiya; ere ha di sisinngwa, di wele molomong wa ya di jang.

13. Bona, batho ba hao ba ho wena ke basadi feela; dikgoro tsa lefatshe la hao di ipuletse bao e leng dira ho wena, mekwallo ya hao e tjheswa ke mollo!

14. Ikgelle metsi, hobane o se o tla thibellwa; tiisa diqhobosehane tsa hao: kena seretseng, o dube mobu, o hahe sebopi sa ho besa makote.

15. Teng, mollo o tla o tjhesa, lerumo le o timeletse; le tla o ja jwaloka tsie, leha o ka ba mongata jwaloka tsie, wa ngatafala jwaloka bookgolane.

16. Bahwebi ba hao ba atile ho fetisa dinaledi tsa lehodimo, ... ke tsie e emisang mapheo, mme e a rura!

17. Bakgethehi ba hao ba jwaloka tsie, le bahlabani ba hao ba jwaloka makgotla a ditsie tse emisitseng meterong, mohla ho hatsetseng; ere letsatsi ha le tjhaba, di balehe, ebe ha ho tsejwe moo di ileng.

18. Morena wa Assiria, badisa ba hao ba robetse; bahale ba hao ba rapaletse; batho ba hao ba farasitse dithabeng, ha ho ya ba bokellang!

19. Leqeba la hao ha le na ho thojwa, matetetso a hao ha a na ho fola! Bohle ba utlwang tsa hao, ba tla o opela ka diatla; hobane bolotsana ba hao bo lesitse ho hlahela mang?