Habakuke

  1. 1
  2. 2
  3. 3

BIBELE e Halalelang

Habakuke 1 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Bakalde ba tla futuhela naha ya Iseraele.

1. Ke ena tshenolo e senolotsweng moporofeta Habakuke:

2. Jehova, ke tla howeletsa ho le hokae, o sa nkutlwe? Ke tla bitsa ho wena ho le hokae ka baka la ho tsohelwa matla, o sa mpholose?

3. O mpontshetsang bolotsana, mme o tadimelang hloriso? Tshenyeho le bothata di pela ka; ho a omanngwa, ho bo ho tsohe le diphapang.

4. Ka baka leo, molao o robetse, ha ho sa ahlolelwa ka ho loka; hobane molotsana o dikile ya lokileng, mme kahlolo e a kgopamiswa.

5. Bonang ditjhabeng, le tadime, le be le makale, le re tsi! hobane mehleng ya lona, ke tla etsa mosebetsi! Le ke ke la o dumela, leha le ka o bolellwa.

6. Hobane ke se ke ya tsosa Bakalde, setjhaba seo se bohale, se mafolofolo, se haholang bophara bohle ba lefatshe, ho hapa dinaha tseo e seng tsa sona.

7. Se a tshabeha, se a tshoheha; ke sona se itaolelang, se ikgodisang se nnotshi.

8. Dipere tsa sona di bobebo ho fetisa mangau, di lebelo ho fetisa diphiri tsa phirimana; bapalami ba sona ba feta ba kgemisitse. Bapalami ba sona ba tswa hole; ba fofa jwaloka ntsu e itlhahanelang ho jeng ha jona.

9. Bohle ba tlela ho senya; phehello ya difahleho tsa bona ke ho tswela pele, ba bokella ba hapilweng jwaloka lehlabathe.

10. Setjhaba seo se soma marena, ho sona mahosana ke sesomo; se tsheha qhobosheane e nngwe le e nngwe, se be se bokelle lerole, se di hape.

11. Jwale, se ye se fete jwaloka moya, se tswele pele, se be se be le molato, hobane matla ao a sona ke modimo wa sona.

12. Na ha o hlolehe tshimolohong, haesale, wena Jehova, Modimo wa ka, Mohalaledi wa ka? Re ke ke ra shwa? Jehova, setjhaba seo o se beetse ho ahlola; wena Lefika, o se lokiseditse ho kgalemela.

13. Wena ya mahlo a hlwekileng a tshabanang le bobe, ya sitwang ho tadima hloriso, o tadimelang bathetsi? O kgutsetsang, ha molotsana a metsa ya mo fetisang ka ho loka?

14. O etseditseng batho, ba be jwaloka dihlapi tsa lewatle, jwaloka dihahabi tse se nang ya ka di busang?

15. O ba nyolla kaofela ka selope; o ba hula ka letanta la hae, a be a ba bokelle ka letlowa la hae; ebe hona a thabang, a nyakallang;

16. ka baka leo, o thabela letanta la hae, o tjhesetsa letlowa la hae dibano, hobane ke ka tsona kabelo ya hae e nonneng, le dijo tsa hae di hlabosang.

17. Ha ho le jwalo, na e ka kgona a nne a tsholle letlowa la hae, a tle a bolaye ditjhaba kamehla, a se na mohau na?