BIBELE e Halalelang

Luka 18:34-38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

34. Empa ha ba ka ba utlwisisa taba tseo; polelo eo e ne e patehile ho bona, ba se ke ba utlwisisa tse bolelwang.

35. Eitse ha a atamela Jeriko, sefofu se kopang se ne se dutse pela tsela.

36. Yare ha se utlwa bongata bo feta, sa botsa, sa re: Ke eng?

37. Ba se bolella hore ke Jesu wa Nasaretha ya fetang.

38. Yaba se howa, se re: Jesu, mora Davida, nkutlwele bohloko!