BIBELE e Halalelang

Luka 18:18-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Yaba mmusi e mong wa sinagoge o mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke tla etsa eng ho rua lefa la bophelo bo sa feleng?

19. Jesu a re ho yena: O mpiletsang ya molemo? Ha ho ya molemo, haese a le mong, e leng Modimo.

20. O tseba melao e reng: O se ke wa feba; o se ke wa bolaya; o se ke wa utswa; o se ke wa bea bopaki ba bohata; hlonepha ntatao le mmao.

21. A re: Ntho tseo kaofela ke di bolokile haesale bonyenyaneng ba ka.

22. Eitse hobane Jesu a utlwe hoo, a re ho yena: O sa hloka ntho e le nngwe: Rekisa ka dintho tsa hao tsohle, mme o di abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele.

23. Empa eo, hoba a utlwe taba tseo, a swaba haholo; hobane a ne a ruile haholo.

24. Eitse ha Jesu a bona hobane o swabile haholo, a re: Ho thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena mmusong wa Modimo!

25. Ho ka ba bonolo hore kamele e kene ka lesoba la lemao, ho ena le hore morui a kene mmusong wa Modimo.

26. Ba utlwileng tseo ba re: Ho ka bolokeha mang na?

27. Jesu a re: Tse sitang batho ha di site Modimo.

28. Yaba Petrose o re: Bona, re tlohetse hohle, mme re o latetse.

29. Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Ha ho motho ya tlohetseng ntlo, leha e le baholo ba hae, leha e le banababo, leha e le mosadi, kapa bana, ka baka la mmuso wa Modimo,

30. a sa tlo ka a bona, mehleng ena, haholoholo ho tseo, le mehleng e tlang a bone bophelo bo sa feleng.

31. A nkela ho yena ba leshome le metso e mmedi, a ba bolella, a re: Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme tsohle tsa Mora motho tse ngodilweng ke baporofeta di tla phethahala.

32. Hobane o tla neelwa baditjhaba, mme o tla songwa, a etswe hampe, a tshwelwe ka mathe.

33. Mme etlare hobane ba mo shape, ba tla mmolaya; mme o tla tsoha bafung ka letsatsi la boraro.

34. Empa ha ba ka ba utlwisisa taba tseo; polelo eo e ne e patehile ho bona, ba se ke ba utlwisisa tse bolelwang.

35. Eitse ha a atamela Jeriko, sefofu se kopang se ne se dutse pela tsela.

36. Yare ha se utlwa bongata bo feta, sa botsa, sa re: Ke eng?