BIBELE e Halalelang

Luka 18:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Le hona Jesu a ba bolella setshwantsho sa ho re, e ka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala!

2. A re: Moahlodi o ne a le teng motseng o itseng, ya sa tshabeng Modimo, mme le batho a sa re letho ka bona.

3. Hape, ho ne ho le mosadi wa mohlolohadi motseng oo, ya neng a etla ho yena, a re: Nkahlolele ho ya ntsekisang.

4. A hana halelele; empa kamorao, a imamela, a re: Leha ke sa tshabe Modimo, ke sa re letho ka batho,

5. leha ho le jwalo, kahobane mohlolohadi eo o a nkgathatsa, ke tla mo ahlolela, a tle a se ke a nngamola hlooho ka ho nna a etla kamehla.

6. Morena a re: Utlwang se bolelwang ke moahlodi eo ya sa lokang.

7. Mme Modimo wona, na o ke ke wa ahlolela bakgethwa ba wona, ba bitsang ho wona motshehare le bosiu, leha o dieha ho halefa ka baka la bona na?

8. Ke a le bolella, o tla phakisa ho ba ahlolela. Leha ho le jwalo, etlare ha Mora motho a etla, na o tla fumana tumelo e le teng lefatsheng na?

9. Hape, a bolela setshwantsho sena ho ba bang ba itshepisang hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang; a re:

10. Batho ba babedi ba ne ba nyolohetse tempeleng ho ya rapela, e mong e le mofarisi, e mong e le molekgetho.

11. Mofarisi a ema, mme a iketsetsa thapelo, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa.

12. Ke itima dijo habedi ka veke; ke ntsha karolo ya leshome ya ntho tsohle tseo ke di ruang.

13. Molekgetho yena a ema hole, a tshaba le ho lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a mpa a iteta sefuba, a re: Modimo, nkgauhele, nna ke leng moetsadibe.