BIBELE e Halalelang

Luka 16:16-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Molao le baporofeta di ile tsa tiya ho fihlela ho Johanne; mme haesale mohlang oo, mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka matla.

17. Ho bonolo ha ho ka feta lehodimo le lefatshe, ho ena le hore ho wele fatshe hlaku ya molao, leha e ka ba nngwe.

18. E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o a feba, mme e mong le e mong ya nyalang ya hladilweng ke monna wa hae, o a feba.

19. Morui e mong o ne a le teng ya apereng purepera le lene e ntle, ya iketlileng menateng ka matsatsi wohle.

20. Mofutsana e mong le yena o ne a le teng, ya bitswang Lasaro, ya neng a bewa pela monyako wa eo, a tletse dibebe;

21. o ne a lakatsa a ka kgora makumane a wang tafoleng ya morui; hape le tsona dintja di ne di tla, di nyeka dibebe tsa hae.

22. Ha isaisa, mofutsana a shwa, mme mangeloi a mo nkela sefubeng sa Abrahama.

23. Morui le yena a shwa, a epelwa lebitleng. Jwale, ha a le nqalong ya bafu, a lelala hodimo, a dutse bohlokong, mme a bonela Abrahama hole, le Lasaro a le sefubeng sa hae.

24. A howa, a re: Ntate Abrahama, nkgauhele; o rome Lasaro, hore a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a tle a mphodise leleme; hobane ke utlwa bohloko bo boholo kgabong ena.

25. Empa Abrahama a re: Ngwana ka, hopola hobane o bone tse monate tsa hao bophelong ba hao; mme ka mokgwa o jwalo, Lasaro o bone tse mpe; jwale yena, o tshediswa mona, empa wena, o utlwiswa bohloko.

26. Ho fetisa tseo tsohle, selomo se seholo se beilwe mahareng a rona le lona, hore ba mona ba ka ratang ho tshelela ho lona ba sitwe, leha e le ba ho lona ha ba rata ho tla ho rona, ba sitwe le bona.