BIBELE e Halalelang

Luka 16:12-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Mme ha esita ho tsa e mong le sa ka la ba kgabane, ke mang ya tla le nea tsa lona?

13. Ha ho mohlanka ya ka sebeletsang marena a mabedi; hobane a ka hloya e mong, a rata e mong; mohlomong a ka kgomarela e mong, a nyedisa e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.

14. Bafarisi bao e leng ba ratang tjhelete haholo, le bona ba utlwa taba tseo kaofela; mme ba mo soma.

15. Yaba o re ho bona: Haele lona, le ipea ba lokileng pela batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona; hobane se phahameng ho batho, ke manyala pela Modimo.

16. Molao le baporofeta di ile tsa tiya ho fihlela ho Johanne; mme haesale mohlang oo, mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka matla.

17. Ho bonolo ha ho ka feta lehodimo le lefatshe, ho ena le hore ho wele fatshe hlaku ya molao, leha e ka ba nngwe.

18. E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae, a nyala e mong, o a feba, mme e mong le e mong ya nyalang ya hladilweng ke monna wa hae, o a feba.

19. Morui e mong o ne a le teng ya apereng purepera le lene e ntle, ya iketlileng menateng ka matsatsi wohle.

20. Mofutsana e mong le yena o ne a le teng, ya bitswang Lasaro, ya neng a bewa pela monyako wa eo, a tletse dibebe;

21. o ne a lakatsa a ka kgora makumane a wang tafoleng ya morui; hape le tsona dintja di ne di tla, di nyeka dibebe tsa hae.

22. Ha isaisa, mofutsana a shwa, mme mangeloi a mo nkela sefubeng sa Abrahama.

23. Morui le yena a shwa, a epelwa lebitleng. Jwale, ha a le nqalong ya bafu, a lelala hodimo, a dutse bohlokong, mme a bonela Abrahama hole, le Lasaro a le sefubeng sa hae.

24. A howa, a re: Ntate Abrahama, nkgauhele; o rome Lasaro, hore a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a tle a mphodise leleme; hobane ke utlwa bohloko bo boholo kgabong ena.

25. Empa Abrahama a re: Ngwana ka, hopola hobane o bone tse monate tsa hao bophelong ba hao; mme ka mokgwa o jwalo, Lasaro o bone tse mpe; jwale yena, o tshediswa mona, empa wena, o utlwiswa bohloko.

26. Ho fetisa tseo tsohle, selomo se seholo se beilwe mahareng a rona le lona, hore ba mona ba ka ratang ho tshelela ho lona ba sitwe, leha e le ba ho lona ha ba rata ho tla ho rona, ba sitwe le bona.

27. Yaba o re: Ntate, ha ho le jwalo, ke a o rapela, o mo romele tlung ya ntate;

28. hobane ke na le banabeso ba bahlano; a ke a ba kgodise, hore ba tle ba se ke ba tla le bona nqalong ena e bohloko.

29. Abrahama a re ho yena: Ba na le Moshe le baporofeta; ba ke ba utlwe bona.