BIBELE e Halalelang

Luka 14:16-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Empa Jesu a re ho yena: Motho e mong a etsa selallo se seholo, mme a mema ba bangata.

17. A roma mohlanka wa hae ka nako ya ho lalla, ho bolella ba bitsitsweng, ho re: Tloong, hobane ntho tsohle di se di lokisitswe.

18. Empa bohle ba eba ntswe le le leng ho itatola. Wa pele a re ho yena: Ke rekile tshimo, mme ke tshwanetse ho ya e bona. Ke a o rapela, o ntatolele hantle.

19. E mong a re: Ke rekile dipholo tse lekanang joko tse hlano, mme ke sa ya di leka. Ke a o rapela, o ntatolele hantle.

20. E mong hape a re: Ke nyetse mosadi, ke sitwa ho ya ke hona.

21. Mohlanka eo a kgutla, a tsebisa monga hae ditaba tseo. Yaba monga ntlo o a halefa, a re ho mohlanka wa hae: Phakisa o tswele mapatlelong le diterateng tsa motse, mme o tlise kwano mafutsana, le dihole, le dihlotsa, le difofu.

22. Mohlanka a re: Morena, ho se ho entswe kamoo o laetseng kateng, empa sebaka se sa le teng.

23. Morena a re ho mohlanka: Tswela ditseleng le pela metero, mme o kganne batho, ba kene, ntlo ya ka e be e tlale.

24. Hobane ke re ho lona: Ha ho le a mong wa banna bale ke ba bitsitseng, ya tla latswa selallo sa ka.

25. Bongata bo boholo bo ne bo tsamaya le Jesu. Yaba o reteleha, a re ho bona:

26. Ekare ha e mong a etla ho nna a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi wa hae, le bana ba hae, le banababo, le bokgaitsedie, le bona bophelo ba hae, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.

27. E mong le e mong ya sa jareng sefapano sa hae, a ntatela, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.

28. Hobane ke mang hara lona, ha a rata ho haha tora, a ke keng a dula pele ho bala se tla ntshetswa yona, a tle a bone ha a ena le seo a ka e phethang ka sona?

29. Esere mohlomong, ha a theile motheo, mme a sitwa ho phetha, bohle ba bonang ba qala ho mo soma,

30. ba re: Motho enwa o qadile ho haha, mme o sitilwe ho phetha.

31. Kapa morena ke ofe, ya futuhelang morena e mong, a ke keng a dula pele, a nahana hore na ka batho ba dikete tse leshome le le leng, a ka ya kgahlanyetsa ya tlang ho mo lwantsha ka dikete tse mashome a mabedi na?