BIBELE e Halalelang

Luka 14:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ya na yare ha a kene, ka Sabatha, tlung ya e mong wa baholo ba bafarisi ho ja bohobe teng, ba mo ela hloko.

2. Mme motho ya kgotsheng seema o ne a le pela hae.

3. Yaba Jesu o bua, a re ho baruti ba molao le ho bafarisi: Na ho ka lokela ho fodisa motho ka Sabatha na? Kapa tjhe?

4. Empa ba kgutsa. Yaba o mo nka, a mo fodisa, mme a mo kgutlisa.

5. Yaba o bua, a re ho bona: Ke mang ho lona, ekareng ha esele ya hae, leha e le kgomo ya hae, e wetse mokoting, a ke keng a phakisa ho e nyolla ka tsatsi la Sabatha na?

6. Mme ba sitwa ho mo araba mantsweng ao.

7. Ha a lemoha kamoo ba bileditsweng dijong ba ikgethelang ditulo tse kapele kateng, a ba bolella setshwantsho, a re:

8. Enore ha motho a o bileditse bohading, o se ke wa dula tulong e kapele, esere mohlomong e mong ya o fetisang ka ho hlomphuwa a ka tshoha a bitsitswe le yena ke monga dijo;

9. mme ya le bitsitseng, wena le yena, a ka tla o bolella, a re: Suthela enwa tulo; mme jwale, o qale ho ya dula tulong e kamorao ka dihlong.

10. Empa enore ha o bitsitswe, o ye, o dule tulong e kamorao, hore ya o bitsitseng ha a etla, a re ho wena: Motswalle, fetela pele. Mme jwale, e tla ba hlompho ho wena hara ba dutseng dijong le wena.

11. Hobane e mong le e mong ya ikgodisang, o tla kokobetswa; mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla hodiswa.

12. Hape, a re ho ya mmitsitseng: Enore ha o etsa mmoka wa motshehare, leha e le wa ho lalla, o se ke wa bitsa metswalle ya hao, leha e le banabeno, leha e le ba heno, leha e le barui bao o ahisaneng le bona; esere mohlomong le bona ba o bitsa, ba ananya tsa hao.

13. Empa enore ha o etsa mmoka, o bitse bahloki, le dihole, le dihlotsa, le difofu;

14. mme o tla ba motho ya lehlohonolo, kahobane ha ba na seo ba ka o buseletsang sona; mme tsa hao di tla buseletswa tsohong ya ba lokileng.