BIBELE e Halalelang

Levitike 2:3-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Se setseng sa nyehelo eo e tla ba sa Aarone le bara ba hae; ke kabelo e halalelang haholo hara mahlabelo a tjheseditsweng Jehova.

4. Ekare ha o rata ho hlahisa nyehelo ya tse apehwang seboping, a e ke e be dinkgwa tse se nang ditomoso, tsa lefi la phofo tse dubilweng ka ole, le maqebekwane a sa lomoswang, a tlotsitsweng ka ole.

5. Ha nyehelo ya hao e le ya tse apehwang paneng, a e ke e be ya lefi la phofo e sa lomoswang, e dubilweng ka ole.

6. O e kume, mme o tshele ole hodima yona: ke nyehelo.

7. Ekare ha nyehelo ya hao e le ya tse apehwang pitseng, e tla etswa ka lefi la phofo le apehilweng ka ole.

8. O tla isa nyehelo ya ntho tseo ho Jehova, mme e tla hlahiswa ho moprista ya tla e tlisa pela aletare.

9. Moprista o tla ngwatha nyehelong se tshwanetseng ho ba kgopotso, a se tjhese aletareng: ke sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.

10. Se setseng nyehelong eo e tla ba sa Aarone le bara ba hae; ke kabelo e halalelang haholo hara mahlabelo a tjheseditsweng Jehova.

11. Leha le hlahisetsa Jehova nyehelo efe le efe, e se ke ya etswa ka ditomoso, hobane le ke ke la tjhesetsa Jehova nyehelo ya setjheso e nang le ditomoso, leha e le dinotshi.