Johanne

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21

BIBELE e Halalelang

Johanne 21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Jesu o hlaha ho barutuwa ba hae lewatleng la Tiberiase.

1. Kamora tseo, Jesu a boela a ipontsha ho barutuwa ba hae pela lewatle la Tiberiase; a ipontsha ka mokgwa ona:

2. Simone Petrose, le Thomase, ya bitswang Didima, le Nathanaele, wa Kana wa Galelea, le bara ba Sebedea, le barutuwa ba hae ba bang ba babedi ba ne ba le hammoho.

3. Simone Petrose a re ho bona: Ke ya tshwasa dihlapi. Ba re ho yena: Le rona re ya le wena. Yaba ba ya, ba kena sekepaneng; empa ha ba ka ba tshwasa letho bosiung boo.

4. Eitse kameso, Jesu a tshoha a ema lebopong; empa barutuwa ba ne ba sa tsebe hobane ke Jesu.

5. Yaba Jesu o re ho bona: Bana, na ha le na se ka jewang na? Ba mo araba, ba re: Tjhe.

6. Yaba o re ho bona: Akgelang letlowa pela lehlakore le letona la sekepana, mme le tla di bona. Yaba ba le akgela, mme ba sitwa ho le hula ka baka la bongata ba dihlapi.

7. Morutuwa ya ratwang ke Jesu a re ho Petrose: Ke Morena. Yare ha Simone Petrose a utlwa hoba ke Morena, a apara kojwana ya hae, hobane o ne a hlobotse, mme a itihela lewatleng.

8. Barutuwa ba bang ba tla le sekepana, ba ntse ba hula letlowa le dihlapi; hobane ba ne ba se hole le lefatshe, ditswe di ne di ka ba makgolo a mabedi.

9. Eitse hobane ba fihle lebopong, ba bona mashala a hlenneng, dihlapi di beilwe hodima wona, le bohobe.

10. Jesu a re ho lona: Tlisang dihlapi tse ding tsa tseo le sa tswa di tshwasa.

11. Simone Petrose a kena sekepaneng, a hulela letlowa fatshe, le tletse dihlapi tse kgolo tse lekgolo le mashome a mahlano a metso e meraro; mme leha di ne di le kalo, letlowa ha le a ka la hahoha.

12. Jesu a re ho bona: Tloong, le je. Mme ho ne ho se e mong ho barutuwa ba hae ya betang pelo ho mmotsa hore: O mang? Hobane ba ne ba tseba hobane ke Morena.

13. Yaba Jesu o tla, a nka bohobe, a ba nea bona, le dihlapi jwalo.

14. Leo e ne e se e le la boraro leo Jesu a ipontshitseng ho barutuwa ba hae, hobane a tsohe bafung.

15. Yare hobane ba qete ho ya, Jesu a re ho Simone Petrose: Simone, mora Jona, a o nthata haholo ho fetisa bana na? A re ho yena: E, Morena, o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dikonyana tsa ka.

16. A re ho yena la bobedi: Simone, mora Jona, a o a nthata na? A re ho yena: E, Morena, o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Disa dinku tsa ka.

17. A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka.

18. Kannetenete ke re ho wena: Enereha o sa le motjha, o ne o itlama o nnotshi, o itsamaela moo o ratang teng; empa etlare hobane o tsofale, o tla otlolla matsoho a hao, mme e mong o tla o tlama, a o ise moo o sa rateng teng.

19. O ne a rialo a lekanya mofuta wa lefu leo Petrose a tla tlotlisa Modimo ka lona. Yare hobane Jesu a bolele tseo, a re ho yena: Ntatele!

20. Petrose ha a reteleha, a bona morutuwa ya ratwang ke Jesu a latetse; ke yena ya neng a itshetlehile sefubeng sa hae mohla selallo, a re: Morena, ke mang ya tla o eka?

21. Yare Petrose ha a mmona, a re ho Jesu: Morena, ho tla ba jwang ho eo?

22. Jesu a re ho yena: Ekare ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? Wena, ntatele.

23. Kahoo, polelo ena ya nna ya tsamaya hara baena e reng, morutuwa eo ha a ka ke a shwa. Empa Jesu o ne a sa ka a mmolella hore yena a ke ke a shwa; empa o ne a itse: Ekare ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena?

24. Morutuwa eo ke yena ya pakang taba tseo, ya di ngodileng; mme re tseba hobane bopaki ba hae ke ba nnete.

25. Taba tse ding di sa le teng tse ngata, tseo Jesu a di entseng. Hojane di ka ngolwa ka bonngwe, ke lekanya hore le lona lefatshe le be le ke ke la lekana dibuka tse ka ngolwang.