Johanne

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21

BIBELE e Halalelang

Johanne 2 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Mohlolo wa pele wa Jesu.

1. Ka letsatsi la boraro, bohadi ba eba teng Kana wa Galelea; mma Jesu o ne a le teng.

2. Jesu le yena a biletswa bohading le barutuwa ba hae.

3. Mme veine ya fela. Yaba mma Jesu o re ho yena: Ha ba na veine.

4. Jesu a re ho yena: Mosadi, taba ya ka le wena ke efe? Nako ya ka ha e eso ho tle.

5. Mmae a re ho bahlanka: Etsang kahohle kamoo a tla le bolella kateng.

6. Dinkgo tsa majwe tse tsheletseng di ne di le teng, tseo Bajuda ba itlhatswang ho tsona; e nngwe le e nngwe e ne e tlatswa ke ditekanyo tse pedi, kapa tse tharo.

7. Jesu a re ho bona: Tlatsang dinkgo tseo ka metsi. Ba di tshela, tsa ba tsa tlala.

8. Yaba o re ho bona: Kgang jwale, le isetse monga mokete. Mme ba mo isetsa.

9. Yare ha monga mokete a latswa metsi a fetohileng veine, a sa tsebe moo e tswang teng, ho tsejwa ke bahlanka feela ba kgileng metsi, monga mokete a bitsa monyadi,

10. a re ho yena: Batho bohle ba ye ba bee veine e monate pele, mme ere hobane ho nowe haholo, ebe hona ho tliswang e botswa: wena veine e monate o e bolokile ho fihlela jwale.

11. Mohlolo ona, oo Jesu a qadileng ka wona, o ne a o etse Kana wa Galelea; a bontsha kganya ya hae, mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.

12. Kamora tseo, ba theohela Kapernauma, e le yena le mmae, le banababo, le barutuwa ba hae; mme ba hlola teng matsatsi a se makae.

Jesu o phahla barekisi tempeleng. — Tempele e tla tsoswa ka matsatsi a mararo.

13. Paseka ya Bajuda e ne e le haufi; yaba Jesu o nyolohela Jerusalema.

14. A fumana tempeleng batho ba bapatsang ka dikgomo le ka dinku le ka maeba, le ba ananyang ditjhelete ba dutse teng.

15. Hobane a etse phafa ya maratswana, a ba phahla kaofela tempeleng, le dinku le dikgomo; mme ditjhelete tsa ba ananyang a di tsholla, a rapalatsa le ditafole.

16. A ba a re ho ba bapatsang ka maeba: Tlosang dintho tsena mona, mme ntlo ya Ntate le se ke la e etsa ntlo ya ho rekela.

17. Jwale barutuwa ba hae ba elellwa hobane ho ngodilwe, ho thwe: Tjheseho ya ntlo ya hao e ntjele.

18. Yaba Bajuda ba bua, ba re ho yena: O ya re bontsha pontsho efe, haele moo o etsa tse jwalo?

19. Jesu a araba, a re ho bona: Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.

20. Yaba Bajuda ba re: Tempele ena e hahilwe ka dilemo tse mashome a mane a metso e tsheletseng, mme wena o re, o tla e tsosa ka matsatsi a mararo na?

21. Athe yena o ne a bolela tempele ya mmele wa hae.

22. Eitse hobane a tsohe bafung, barutuwa ba hae ba elellwa hobane o ne a ba boleletse taba eo; mme ba dumela Lengolo, le taba e neng e boletswe ke Jesu.

23. Yare a sa le Jerusalema, ka Paseka, mohla mokete, batho ba bangata ba dumela lebitso la hae, ha ba bona mehlolo eo a e etsang.

24. Empa Jesu yena o ne a sa ba tshepe, kahobane a ne a ba tseba kaofela,

25. le kahobane a ne a sa tshwanele a ka bolellwa tsa motho ke e mong; hobane o ne a itsebela se leng teng ka ho motho.