BIBELE e Halalelang

Jobo 6:12-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Na matla a ka ke matla a lejwe na? Mmele wa ka a ke koporo na?

13. Ha ke re, ha ho kamoo nka thuswang kateng? Ha ke re, topollo yohle e hole le nna?

14. Motswalle wa ya swabileng e ka kgona a mmontshe lerato; ha ho se jwalo a ka tshoha a lesa ho tshaba Ya matla wohle.

15. Banabeso ba tletse thetso jwaloka phororo, jwaloka metsi a molatswana a nyamellang;

16. a ba maduke ke leqhwa, mme lehlwa le itihela teng.

17. A timela mohla ho futhumetseng, a monyela ha letsatsi le tjhesa.

18. Metjha ya ho matha ha wona e a dikadika; a fetoha mowane, a fela.

19. Makaba a Thema a a batla, dihlopha tsa baeti ba Seba di bea tshepo ya tsona teng.

20. Ba hlajwa ke dihlong tshepong ya bona; ha ba fihla teng, ba swaba.

21. Ho dutse jwalo le lona, ha le letho; le bona bomadimabe ba ka, mme le a tshoha.

22. Hleka ke itse: Mpheng? kapa: Mphomosetseng ka ntho ya monono wa lona,

23. le be le nnamolele letsohong la sera, le ntopolle letsohong la batubi na?

24. Nthuteng, ke tla kgutsa; le ntlhalosetse moo ke fositseng teng.