BIBELE e Halalelang

2 Timothea 2:4-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Ya yang ntweng ha a itshitse ka ditaba tsa bophelo bona, a tle a kgahlise ya mo memileng.

5. Ekare ha motho a lwana peisong, a ke ke a rweswa moqhaka, ha a sa ka a lwana ka molao.

6. Ya lemang ka matla, ke yena ya tshwanetseng ho kotula ditholwana pele.

7. Lemoha seo ke se bolelang; mme Morena a ke a o nee kelello tabeng tsohle.

8. Hopola hobane Jesu Kreste, e leng wa leloko la Davida, o tsohile bafung, kamoo Evangeli ya ka e bolelang kateng;

9. e leng Evangeli eo ke mamellang bothata bo boholo, mme ke bile ke tlangwa ka baka la yona, jwaloka hola ke le sehlola; empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa.

10. Ke mamella tsohle ke hona ka baka la bakgethwa, hore le bona ba ke ba rue poloko e ho Jesu Kreste, le kganya e sa feleng.

11. Le tshepehile lentswe le reng: Ekare ha re eshwa le yena, re tla phela le yena;

12. mme ha re mamella bohloko le yena, re tla busa le yena; ha re mo latola, le yena o tla re latola;

13. ha re lesa ho tshepeha, yena o ya nne a tshepehe; o sitwa ho itatola.

14. O ba hopotse taba tseo, mme o ba laele pela Morena hore ba se ke ba etsa kgang ka ditaba; kgang tseo ha di thuse letho, empa di senya ba di utlwang.

15. O tiye matla ho iketsa ya dumelehang ho Modimo, mosebetsi ya se nang ho nyatsuwa, ya rutang lentswe la nnete ka ho loka.

16. O hane meswaso ya dipolelo tsa lefeela; hobane ba tsamayang ka tsona ba tla nne ba fetele nyefolong e fetisang;

17. mme ditaba tsa bona di tla tswela pele jwaloka seso se kekang; hara bona ho na le Himenea le Filete,

18. ba kgelohileng nnete, ka ho re, tsoho ya bafu e setse e etsahetse, mme ba diha tumelo ya ba bang.

19. Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o ntse o tiile, o na le tiiso e reng: Morena o tseba bao e leng ba hae. Hape e re: E mong le e mong ya rapelang Morena, a ke a tlohe bokgopong.

20. Ka tlung e kgolo, ha ho na dipitsa tsa kgauta le tsa silefera feela, empa tsa mahong di teng le tsona tsa letsopa; tse ding ke tse hlomphuwang, tse ding ke tse sa hlomphuweng.