2 Timothea

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4

BIBELE e Halalelang

2 Timothea 2 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Haele wena, mora ka o iphe matla mohaung o ho Jesu Kreste.

2. Mme ditaba tseo o di utwileng ho nna pela dipaki tse ngata, o di bee ho batho ba tshepehang, ba lokelang ho ruta ba bang le bona.

3. Haele wena, mamella bothata ka mokgwa wa mohlabani ya molemo wa Jesu Kreste.

4. Ya yang ntweng ha a itshitse ka ditaba tsa bophelo bona, a tle a kgahlise ya mo memileng.

5. Ekare ha motho a lwana peisong, a ke ke a rweswa moqhaka, ha a sa ka a lwana ka molao.

6. Ya lemang ka matla, ke yena ya tshwanetseng ho kotula ditholwana pele.

7. Lemoha seo ke se bolelang; mme Morena a ke a o nee kelello tabeng tsohle.

8. Hopola hobane Jesu Kreste, e leng wa leloko la Davida, o tsohile bafung, kamoo Evangeli ya ka e bolelang kateng;

9. e leng Evangeli eo ke mamellang bothata bo boholo, mme ke bile ke tlangwa ka baka la yona, jwaloka hola ke le sehlola; empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa.

10. Ke mamella tsohle ke hona ka baka la bakgethwa, hore le bona ba ke ba rue poloko e ho Jesu Kreste, le kganya e sa feleng.

11. Le tshepehile lentswe le reng: Ekare ha re eshwa le yena, re tla phela le yena;

12. mme ha re mamella bohloko le yena, re tla busa le yena; ha re mo latola, le yena o tla re latola;

13. ha re lesa ho tshepeha, yena o ya nne a tshepehe; o sitwa ho itatola.

A hane dithuto tse kgelohileng, a tiise hlweko.

14. O ba hopotse taba tseo, mme o ba laele pela Morena hore ba se ke ba etsa kgang ka ditaba; kgang tseo ha di thuse letho, empa di senya ba di utlwang.

15. O tiye matla ho iketsa ya dumelehang ho Modimo, mosebetsi ya se nang ho nyatsuwa, ya rutang lentswe la nnete ka ho loka.

16. O hane meswaso ya dipolelo tsa lefeela; hobane ba tsamayang ka tsona ba tla nne ba fetele nyefolong e fetisang;

17. mme ditaba tsa bona di tla tswela pele jwaloka seso se kekang; hara bona ho na le Himenea le Filete,

18. ba kgelohileng nnete, ka ho re, tsoho ya bafu e setse e etsahetse, mme ba diha tumelo ya ba bang.

19. Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o ntse o tiile, o na le tiiso e reng: Morena o tseba bao e leng ba hae. Hape e re: E mong le e mong ya rapelang Morena, a ke a tlohe bokgopong.

20. Ka tlung e kgolo, ha ho na dipitsa tsa kgauta le tsa silefera feela, empa tsa mahong di teng le tsona tsa letsopa; tse ding ke tse hlomphuwang, tse ding ke tse sa hlomphuweng.

21. Jwale, ekare ha motho a itlhwekisa ka ho itima ntho tseo, o tla fetoha pitsa e kgethetsweng hlompho, e molemo ho monga yona, e lokiseditsweng mesebetsi yohle e metle.

22. O ke o balehele ditakatso tsa botjha, mme o phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le kgotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hlwekileng.

23. O furalle dikgang tsohle tsa bowatla, tseo ho sa ithutweng letho ka tsona, etswe o tseba hoba di tswala dintwa.

24. Mohlanka wa Morena ha a tshwanela ho lwana; empa e ka kgona a be mosa ho bohle, a lokele ho ruta, a mamelle ka sebete.

25. A rute ka bonolo ba hanyetsang, ho tle ho lekwe hore na mohlomong Modimo o ke se ke wa ba nea pako, ba be ba lemohe nnete;

26. mme ba tlohe lerabeng la Diabolose, ya ba tshwasitseng hore ba etse kamoo a ratang kateng.