BIBELE e Halalelang

1 Samuele 4:12-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ebile monna e mong, wa Mobenjamine, o tloha ntweng, a matha, a tla Silo ka lona tsatsi leo, a hahotse diaparo tsa hae, a le dithole hloohong.

13. Ha a fihla, Eli o ba a dutse setulong pela tsela, a lebeletse; hobane pelo ya hae e be e thothomella areka ya Modimo. Monna eo a kena, a behela motse ditaba, mme motse wohle wa bokolla.

14. Eli ha a utlwa modumo wa seboko, a re: Ke modumo wa lerata lang? Ebile monna o phakisa a tla, a behela Eli.

15. Eli yena o ne a se a hodile dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng meno e le mmedi, le mahlo a hae a ne a foufetse, a sitwa le ho bona.

16. Ebile monna eo o re ho Eli: ke tswa ntweng, ke tswa baleha sereng kajeno. Yena a re: Taba ho hlahile efe, ngwana ka?

17. Ya tlisitseng ditaba a araba, a re: Baiseraele ba balehile pela Bafilesta, le polao e bile kgolo hara setjhaba; le bara ba hao ba babedi, Hofni le Finease, ba shwele, le areka ya Modimo e bile e hapilwe.

18. A re a sa bolela areka ya Modimo, Eli a wa setulong ka seetse, pela kgoro, a robeha molala, a ba a shwa, etswe e ne e le motho ya tsofetseng, ya boima; o ba a ahlotse Iseraele ka dilemo tse mashome a mane.

19. Haele ngwetsi ya hae, mosadi wa Finease, e ne e emere, e le makgatheng a ho beleha. Eitse ha a utlwa tse bolelwang tsa areka ya Modimo e hapilweng, le tsa ho shwa ha matsalae le ha monna wa hae, a inama, mme a itshihlolla, hobane o ne a hlahetswe ke bohloko ba pelehi.