BIBELE e Halalelang

1 Samuele 4:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lentswe la Samuele le ne le fihlela Baiseraele kaofela.Jwale Baiseraele ba tswa, ba futuhela Bafilesta; ba tla emisa pela Eben-Esere; Bafilesta bona ba emisa Afeke.

2. Bafilesta ba tla ka makgotla ho lwantsha Baiseraele; Baiseraele ba hlolwa ke Bafilesta, mme makgotleng a bona ha bolawa banna ba batlileng ho ba kete tse nne.

3. Jwale, setjhaba ha se kgutletse diahelong, baholo ba Iseraele, ba re: Jehova o re hloletseng kajeno ka Bafilesta? Ha ho ke ho latwe Silo areka ya selekane sa Jehova, e tle hara rona, mme e re namolele matsohong a dira tsa rona.

4. Ebile setjhaba se romela Silo, ho ya lata teng areka ya selekane sa Jehova wa makgotla ya dutseng hara dikerubime; bara ba babedi ba Eli, Hofni le Finease, ba ne ba le teng le areka ya selekane sa Modimo.

5. Areka ya selekane sa Jehova, ha e fihla diahelong, Baiseraele ba e hlabela ditlatse tse kgolo, lefatshe la ba la reketla.

6. Bafilesta ha ba utlwa modumo wa ditlatse, ba re: Ke wang modumo wa ditlatse tsena tse kgolo diahelong tsa Baheberu? Ba tseba hobane areka ya Jehova e tlile diahelong.

7. Jwale, Bafilesta ba tshaba, ba re: Modimo o tlile diahelong. Hape, ba re: Ho madimabe rona, hobane ho ne ho eso ho be taba e jwalo, le kgale.

8. Ho madimabe rona! Ke mang ya tla re namolela matsohong a medimo eo e matla? Ke yona medimo e otlileng Baegepeta ka dikotlo tsohle nahathothe.

9. Oho, Bafilista, ipheng matla, le etse ka senna, e se be la ba bafo ba Baheberu, jwalokaha e bile bafo ba lona. Etsang ka senna, mme le lwane.