BIBELE e Halalelang

1 Samuele 28:3-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Samuele o ne a se a shwele, le Baiseraele bohle ba ne ba se ba mo lletse, ba mo epetse Rama, motseng wa habo. Saule o ne a tlositse dinohe le baporofeta ba bohata naheng eo.

4. Jwale, Bafilesta ba phutheha, ba tla, ba emisa Shuneme; le Saule a mema Baiseraele bohle, mme ba tla, ba emisa Gilboa.

5. Saule, ha a bona makgotla a Bafilesta, a tshaba, le pelo ya hae ya thothomela haholo.

6. Leha Saule a ne a botsa Jehova, Jehova o ne a sa mo arabele, leha e le ka ditoro, leha e le ka Urime, leha e le ka baporofeta.

7. Ebile Saule o re ho bahlanka ba hae: Mpatleleng mosadi wa senohe, ke ye ho yena, ke mmotse. Bahlanka ba hae ba re ho yena: Bona, mosadi ya nohang o teng Ene-Dore.

8. Kahoo, Saule a ikgakanya, a apara diaparo tsa e mong, a ya le banna ba babedi. Ba tla ho mosadi bosiu, Saule a re ho yena: Ako nnohele, mme o nnyollele eo ke tla o bolella yena.

9. Mosadi a re ho yena: Bona, o a tseba kamoo Saule a entseng kateng, ha a timeditse baporofeta le dinohe fatsheng lena; ha ho le jwalo, o tjhehelang bophelo ba ka, hore ke timele?

10. Saule a mo hlapanyetsa ka Jehova, a re: Ka Jehova ya utlwang, ha ho kotsi e tla o hlahela bakeng sa taba ena.

11. Mosadi a re: Ke tla o nyollela mang na? A re: Nnyollele Samuele.

12. Mosadi ha a bona Samuele, a meketsa; mme mosadi a fetola Saule, a re: O nthetseditseng na, athe ke wena Saule?

13. Morena a re ho yena: Se tshabe; o bonang? Mosadi a re ho yena: Ke bona modimo o mong o nyoloha fatshe.

14. Saule a re ho yena: O bopehile jwang? Mosadi a re: Ke motho wa leqheku ya nyolohang; hape o apere kobo. Kahoo, Saule a tseba hobane ke Samuele; ka baka leo, a inamela fatshe ka sefahleho, a kgumama.

15. Samuele a re ho Saule: O mpherekanyeditseng ka ho nnyolla na? Saule a re: Ke tsielehile haholo; Bafilesta ba mphutuhetse, mme Modimo o mphuraletse; ha o sa nkarabela, leha e le ka baporofeta, leha e le ka ditoro; ke o bitsitse ke hona, hore o ntsebise seo nka se etsang.

16. Samuele a re: O mpotsetsang, haele moo Jehova a o furaletse, a iphetotse sera ho wena?

17. Jehova o fela a entse jwalokaha a ne a bue ka nna; Jehova a hahotse mmuso matsohong a hao, o o neile wa heno, Davida.

18. Ka baka la hobane o sa ka wa mamela lentswe la Jehova, o sa ka wa etsa ho Amaleke ka bohale ba hae bo tjhesang, ke kahoo Jehova a o etsang jwalo kajeno.

19. Hape, Jehova o tla o neela, wena le Iseraele hammoho, matsohong a Bafilesta; hosasane, wena le bara ba hao, le tla ba le nna; le diahelo tsa Baiseraele, Jehova o tla di neela Bafilesta.

20. Yaba Saule o namalla fatshe ke ho tshoha haholo ka baka la mantswe a Samuele; matla a ne a le siyo ho yena, ke hobane o ne a sa ka a ja letho tsatsi lohle le bosiu bohle.