BIBELE e Halalelang

1 Samuele 26:6-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Ebile Davida o bua, a laela Akimeleke Mohethe, le Abishai, mora Tseruja, ngwanabo Joabe, a re: Ke mang eo re tla theohela le yena ho Saule diahelong na? Abishai a re: Ke nna ke tla theoha le wena.

7. Ebile Davida le Abishai ba fihla bosiu ho setjhaba, ba fihlela Saule a sekame, a robetse diahelong, lerumo la hae le hlomilwe fatshe pela mosamo wa hae, Abnere le setjhaba ba robetse ba mo teetse hare.

8. Abishai a re ho Davida: Kajeno, Modimo o neetse sera sa hao matsohong a hao; jwale, a nke ke mo hlabe ka lerumo, ke mmolaele fatshe hanghang; nke ke ka hlaba habedi.

9. Davida a re ho Abishai: O se ke wa mmolaya. Ke mang ya ka isang letsoho ho motlotsuwa wa Jehova, a hloka molato na?

10. Davida a eketsa, a re: Ka Jehova ya utlwang, ke yena Jehova ya tla mmolaya; kapa ho tla tjhaba tsatsi la hae la ho shwa, kapa o tla ya ntweng, a timele teng.

11. Jehova a nthibele hore ke se ke ka isa letsoho ho motlotsuwa wa Jehova. Feela, nka lerumo le pela mosamo wa hae le nkgwana ya metsi, re tsamaye.

12. Davida a nka lerumo le nkgwana ya metsi e pela mosamo wa Saule, ba tsamaya ho se ya ba boneng, ho se ya ba lemohileng, ho robetse bohle, hobane Jehova o ne a ba robaditse boroko bo boholo.

13. Davida a ntoo fetela nqe nngwe, a ema qhoweng ya thaba, hole, e le sebaka se seholo mahareng a bona.

14. Davida a howeletsa setjhaba le Abnere, mora Nere, a re: Ha o arabe keng, Abnere? Abnere a araba, a re: O mang ya howeletsang morena?

15. Davida a re ho Abnere: Na ha o monna na? Ke mang ya kang wena Iseraeleng? Ha o lebele morena, monga hao, keng, haele moo e mong wa setjhaba a kile a tla ho timetsa morena, monga hao?

16. Ha o etse hantle; ka Jehova ya phelang, le lokelwa ke ho shwa, hobane ha le a ka la lebela monga lona, e leng motlotsuwa wa Jehova. Tadima jwale; le kae lerumo la morena, le nkgwana ya metsi e neng e le pela mosamo wa hae?

17. Ebile Saule o tseba lentswe la Davida, a re: Na hase lentswe la hao, Davida, mora ka, na? Davida a re: Ke lentswe la ka, morena, monga ka.

18. A eketsa a re: Ho ya kang ha monghadi wa ka a phallela mohlanka wa hae? Na ke entseng? bobe ke bofe letsohong la ka na?