BIBELE e Halalelang

1 Samuele 26:17-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Ebile Saule o tseba lentswe la Davida, a re: Na hase lentswe la hao, Davida, mora ka, na? Davida a re: Ke lentswe la ka, morena, monga ka.

18. A eketsa a re: Ho ya kang ha monghadi wa ka a phallela mohlanka wa hae? Na ke entseng? bobe ke bofe letsohong la ka na?

19. Morena, monga ka, a ke a mamele taba tsa mohlanka wa hae jwale; ha ekaba ke Jehova ya o tsoseditseng nna, a ke a dumele sehlabelo; haeba ke batho, ba ke ba rohakwe pela Jehova, hobane kajeno ba ntelekile hore ke se ke ka kgomarela tjhaba sa lefa la Jehova; ba re, ke ye, ke sebeletse medimo esele.

20. Jwale ke re: Madi a ka a se ke a wela fatshe hole le Jehova, hobane morena wa Iseraele o tswile ho batla letsetse, jwalokaha ho tsongwa mekopjwane dithabeng.

21. Ebile Saule o re: Ke sitilwe; boya, Davida, mora ka, hobane ha ke sa tla hlola ke o etsa hampe, ka baka la hobane bophelo ba ka bo bile thata mahlong a hao kajeno lena; bona, ke entse ka bothoto, ke fositse haholoholo.

22. Davida a araba, a re: Bona, ke lena lerumo la morena; e mong wa bahlankana a fetele kwano, a le nke.

23. Jehova a ke a putse e mong le e mong ka toka ya hae le ka bokgabane ba hae, kamoo ke hanneng ho isa letsoho la ka ho motlotsuwa wa Jehova kateng, leha Jehova a ne a o neile matsohong a ka kajeno.

24. Bona, jwalokaha bophelo ba hao e bile ntho e kgolo mahlong a ka kajeno lena, bophelo ba ka bo be boholo jwalo mahlong a Jehova, mme a nnamolele ditsietsing tsohle.

25. Saule a re ho Davida: Ho bokwe wena, mora ka Davida; leha o ka etsa seo o se etsang, le ho se phetha o tla se phetha. Ebile Davida o ikela ka tsela ya hae, Saule yena a kgutlela hae.