BIBELE e Halalelang

1 Marena 4:21-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Salomone a busa mebuso yohle ho tloha nokeng, ho ya fihla naheng ya Bafilesta, le ho ya moeding wa Egepeta; bohle ba ne ba tlisetsa Salomone dinyehelo, ba mo sebeletsa ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.

22. Dijo tsa Salomone, tsa tsatsi le leng le le leng, e ne e le dikore tse mashome a mararo tsa phofo e thumisitsweng, le dikore tse mashome a tsheletseng tsa phofo e mahaila;

23. le dikgomo tse nontshitsweng tse leshome, le dikgomo tse mashome a mabedi tsa tse fulang naheng, le dinku tse lekgolo, le dinku tse lekgolo, le dikgama, le ditshephe, le matsa, le dinonyana tse nontshitsweng.

24. O ne a busa naha yohle e mose o kwano ho noka, ho tloha Thifsa, ho isa Gasa, le marena wohle a mose o kwano ho noka; e ne e le kgotso ka nqa tsohle.

25. Bajuda le Baiseraele, ho tloha Dane ho isa Beerseba, ba ne ba dutse ba iketlile, e mong le e mong tlasa morara wa hae le tlasa feiye ya hae, ka matsatsi wohle a Salomone.

26. Salomone o ne a na le dijelo tse dikete tse mashome a mane tsa dipere tsa makoloi, le bakali ba kete tse leshome le metso e mmedi.

27. Matona a ne a ntse a batlela morena Salomone le bohle ba jang tafoleng ya morena Salomone dijo, e nngwe le e nngwe ka kgwedi ya yona, a sa tlohele letho le ka hlokahalang.

28. E nngwe le e nngwe ya nna ya tlisa, kamoo e tshwanetseng kateng, harese le habore ya dipere tsa makoloi le ya tse kallwang tse lebelo, moo di leng teng.

29. Modimo wa nea Salomone bohlale le kutlwisiso e kgolo haholo, le kelello e ngata, e ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle.

30. Bohlale ba Salomone ba feta bohlale ba bana bohle ba Botjhabela, le bohlale bohle ba Egepeta.

31. A feta batho bohle ka bohlale, a feta le Ethane wa Esra, le Hemane, le Kalkole, le Darda, bara ba Mahole; mme lebitso la hae la tuma ditjhabeng tsohle tse kamathoko.

32. Salomone a bolela maele a kete tse tharo, difela tsa hae ya eba sekete se nang le metso e mehlano.

33. A bolela le tsa difate, ho qala ka kedare ya Lebanone, ho isa ho hisopa e melang lerakong; a bolela le tsa diphoofolo, le dinonyana, le dihahabi, le dihlapi.

34. Ha tla ba matjhaba wohle, ho tla utlwa bohlale ba Salomone, ba romilwe ke marena wohle a lefatshe, a neng a utlwe tsa bohlale ba hae.