1 Marena

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16
  17. 17
  18. 18
  19. 19
  20. 20
  21. 21
  22. 22

BIBELE e Halalelang

1 Marena 4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Matona a Salomone. — Boholo le botumo le bohlale ba hae.

1. Morena Salomone ya eba morena wa Baiseraele bohle.

2. Matona a hae ke ana: Asaria, mora moprista Tsadoke;

3. le Elihorefe, le Akija, bara ba Shisha, bangodi; le Josafate, mora Akilude, mmoloki wa mangolo a mmuso;

4. le Benaia, mora Jehojada, molaodi wa makgotla; le baprista Tsadoke le Abiathare;

5. le Asaria, mora Nathane, modisa wa matona a mang; le Sabude, mora moprista Nathane, sephatho sa morena;

6. le Akishare, modisa wa ntlo; le Adonirame, mora Abda, molaodi wa lekgetho.

7. Hape, Salomone a bea matona a leshome le metso e mmedi hodima Baiseraele bohle, hore a batlele morena le ntlo ya hae dijo; e nngwe le e nngwe e ne e tshwanetse ho batla dijo ka kgwedi e nngwe, ka selemo se seng le se seng.

8. Mabitso a wona ke ana: Ke Bene-Hure, thabeng ya Efraime;

9. ke Bene-Dekere, a beilwe Makatse, le Saalbime, le Bethe-Shemeshe, le Elone, le Bethe-Hanane.

10. Ke Bene-Hesede, a beilwe Arubbothe, le Soko, le naheng yohle ya Hefere.

11. Ke Bene-Abinadabe, sehlabeng sohle sa Dore; mosadi wa hae e ne e le Thafathe, moradi wa Salomone.

12. Ke Baana, mora Akilude, a beilwe Thaanake, le Megiddo, le naheng yohle ya Bethe-Sheane e haufi le Tsarthane, katlasa Jisreele, ho tswa Bethe-Sheane, ho isa Abele-Mehola, le ho feta Jokmeame.

13. Ke Bene-Gebere, a beilwe Ramothe-Gileade, metseng ya Jaire, mora Manasse, naheng ya Gileade; a bewa le naheng ya Argobe, Bashane; ke metse e mashome a tsheletseng e meholo e nang le marako le mekwallo ya koporo.

14. Ke Akinadabe, mora Iddo, Mahanaime;

15. le Akimaatse, naheng ya Nefthali; le yena o ne a nyetse Basmathe, moradi wa Salomone.

16. Ke Baana, mora Hushai, naheng ya Asere le Bealothe;

17. le Josafate, mora Parua, naheng ya Issaskare;

18. le Shimei, mora Ela, naheng ya Benjamine;

19. ke Gebere, mora Uri, naheng ya Gileade, e leng naha ya Sihone, morena wa Baamore, le ya Oge, morena wa Bashane; ho ne ho se tona e nngwe naheng eo haese yena a nnotshi.

20. Bajuda le Baiseraele ba ne ba le bangata, jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle, ba eja, ba enwa, ba nyakalla.

21. Salomone a busa mebuso yohle ho tloha nokeng, ho ya fihla naheng ya Bafilesta, le ho ya moeding wa Egepeta; bohle ba ne ba tlisetsa Salomone dinyehelo, ba mo sebeletsa ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.

22. Dijo tsa Salomone, tsa tsatsi le leng le le leng, e ne e le dikore tse mashome a mararo tsa phofo e thumisitsweng, le dikore tse mashome a tsheletseng tsa phofo e mahaila;

23. le dikgomo tse nontshitsweng tse leshome, le dikgomo tse mashome a mabedi tsa tse fulang naheng, le dinku tse lekgolo, le dinku tse lekgolo, le dikgama, le ditshephe, le matsa, le dinonyana tse nontshitsweng.

24. O ne a busa naha yohle e mose o kwano ho noka, ho tloha Thifsa, ho isa Gasa, le marena wohle a mose o kwano ho noka; e ne e le kgotso ka nqa tsohle.

25. Bajuda le Baiseraele, ho tloha Dane ho isa Beerseba, ba ne ba dutse ba iketlile, e mong le e mong tlasa morara wa hae le tlasa feiye ya hae, ka matsatsi wohle a Salomone.

26. Salomone o ne a na le dijelo tse dikete tse mashome a mane tsa dipere tsa makoloi, le bakali ba kete tse leshome le metso e mmedi.

27. Matona a ne a ntse a batlela morena Salomone le bohle ba jang tafoleng ya morena Salomone dijo, e nngwe le e nngwe ka kgwedi ya yona, a sa tlohele letho le ka hlokahalang.

28. E nngwe le e nngwe ya nna ya tlisa, kamoo e tshwanetseng kateng, harese le habore ya dipere tsa makoloi le ya tse kallwang tse lebelo, moo di leng teng.

29. Modimo wa nea Salomone bohlale le kutlwisiso e kgolo haholo, le kelello e ngata, e ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle.

30. Bohlale ba Salomone ba feta bohlale ba bana bohle ba Botjhabela, le bohlale bohle ba Egepeta.

31. A feta batho bohle ka bohlale, a feta le Ethane wa Esra, le Hemane, le Kalkole, le Darda, bara ba Mahole; mme lebitso la hae la tuma ditjhabeng tsohle tse kamathoko.

32. Salomone a bolela maele a kete tse tharo, difela tsa hae ya eba sekete se nang le metso e mehlano.

33. A bolela le tsa difate, ho qala ka kedare ya Lebanone, ho isa ho hisopa e melang lerakong; a bolela le tsa diphoofolo, le dinonyana, le dihahabi, le dihlapi.

34. Ha tla ba matjhaba wohle, ho tla utlwa bohlale ba Salomone, ba romilwe ke marena wohle a lefatshe, a neng a utlwe tsa bohlale ba hae.