BIBELE e Halalelang

1 Marena 4:14-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ke Akinadabe, mora Iddo, Mahanaime;

15. le Akimaatse, naheng ya Nefthali; le yena o ne a nyetse Basmathe, moradi wa Salomone.

16. Ke Baana, mora Hushai, naheng ya Asere le Bealothe;

17. le Josafate, mora Parua, naheng ya Issaskare;

18. le Shimei, mora Ela, naheng ya Benjamine;

19. ke Gebere, mora Uri, naheng ya Gileade, e leng naha ya Sihone, morena wa Baamore, le ya Oge, morena wa Bashane; ho ne ho se tona e nngwe naheng eo haese yena a nnotshi.

20. Bajuda le Baiseraele ba ne ba le bangata, jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle, ba eja, ba enwa, ba nyakalla.

21. Salomone a busa mebuso yohle ho tloha nokeng, ho ya fihla naheng ya Bafilesta, le ho ya moeding wa Egepeta; bohle ba ne ba tlisetsa Salomone dinyehelo, ba mo sebeletsa ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.

22. Dijo tsa Salomone, tsa tsatsi le leng le le leng, e ne e le dikore tse mashome a mararo tsa phofo e thumisitsweng, le dikore tse mashome a tsheletseng tsa phofo e mahaila;

23. le dikgomo tse nontshitsweng tse leshome, le dikgomo tse mashome a mabedi tsa tse fulang naheng, le dinku tse lekgolo, le dinku tse lekgolo, le dikgama, le ditshephe, le matsa, le dinonyana tse nontshitsweng.

24. O ne a busa naha yohle e mose o kwano ho noka, ho tloha Thifsa, ho isa Gasa, le marena wohle a mose o kwano ho noka; e ne e le kgotso ka nqa tsohle.

25. Bajuda le Baiseraele, ho tloha Dane ho isa Beerseba, ba ne ba dutse ba iketlile, e mong le e mong tlasa morara wa hae le tlasa feiye ya hae, ka matsatsi wohle a Salomone.

26. Salomone o ne a na le dijelo tse dikete tse mashome a mane tsa dipere tsa makoloi, le bakali ba kete tse leshome le metso e mmedi.