BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 3:6-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Nna, ke hlomile, Apolose yena o noseditse, empa Modimo ke wona o medisitseng.

7. Ha ho le jwalo, ya nang le taba hase ya hlomang, leha e le ya nosetsang, empa e le Modimo o medisang.

8. Mme ya hlomang le ya nosetsang ke ntho e le nngwe feela; mme e mong le e mong o tla amohela moputso oo e leng wa hae, ka tekanyo ya mosebetsi oo e leng wa hae.

9. Hobane re ba sebetsang le Modimo, mme lona, le boleme ba Modimo, le mohaho wa Modimo.

10. Haele nna, ka mohau wa Modimo oo ke o filweng, ke theile motheo jwaloka sehahi se bohlale, mme e mong o haha kahodima wona; e mong le e mong a mpe a iponele kamoo a hahang kateng hodima wona.

11. Hobane ha ho motho ya ka theang motheo osele ho o setseng o theilwe, e leng Jesu Kreste.

12. Ekare ha e mong a haha hodima motheo oo ka kgauta, kapa ka silefera, leha e le ka majwe a bohlokwa, le mahong, le jwang le dihlokwa,

13. mosebetsi wa e mong le e mong o tla bonahala; hobane o tla hlahiswa pontsheng ke letsatsi, etswe o tla bonahatswa ke mollo, mme mollo o tla leka mosebetsi wa e mong le e mong hoba o jwang.

14. Ekare ha mosebetsi oo e mong a o hahileng hodima motheo o sala, yena o tla putswa.

15. Ekare ha mosebetsi wa e mong o etjha, yena o tla timellwa ke wona; mme haele yena, o tla pholoha, empa ho tla ba jwaloka hoja a fetile hara mollo.

16. Ana ha le tsebe hobane le tempele ya Modimo, le hoba Moya wa Modimo o ahile ho lona na?

17. Ekare ha motho a senya tempele ya Modimo, Modimo o tla mo senya; hobane tempele ya Modimo e a halalela, mme tempele eo ke lona.

18. Motho a se ke a ithetsa; ekare ha e mong hara lona a itekanya hoba o bohlale lefatsheng lena, a ke a fetohe lehlanya, hore a tle a fetohe ya bohlale.

19. Hobane bohlale ba lefatshe lena ke bohlanya pela Modimo; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tshwasa ba bohlale manong a bona.