1 Bakorinthe

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13
  14. 14
  15. 15
  16. 16

BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Haele nna, banabeso, ke sitilwe ho bua le lona jwaloka hoja le le baho ba moya, ke buile jwaloka hoja le le ba nama, leha e le masea ho Kreste.

2. Ke le fepile ka lebese, e seng ka dijo tse tiileng; hobane le ne le sa lokela tsona, le jwale di sa ntse di ka le sita,

3. hoba le sa le ba nama. Hobane haele moo mona o sa le teng hara lona, le diphapang, na ha le ba nama na? na ha le ye ka mokgwa wa batho na?

4. Na ha e mong a re: Nna, ke wa Pauluse! e mong a re: Nna, ke wa Apolose! Na ha le ba nama na?

5. Pauluse ke mang na? Le Apolose ke mang na? Ke bahlanka bao le dumetseng ka bona, kamoo e mong le e mong a filweng kateng, ke Morena.

6. Nna, ke hlomile, Apolose yena o noseditse, empa Modimo ke wona o medisitseng.

7. Ha ho le jwalo, ya nang le taba hase ya hlomang, leha e le ya nosetsang, empa e le Modimo o medisang.

8. Mme ya hlomang le ya nosetsang ke ntho e le nngwe feela; mme e mong le e mong o tla amohela moputso oo e leng wa hae, ka tekanyo ya mosebetsi oo e leng wa hae.

9. Hobane re ba sebetsang le Modimo, mme lona, le boleme ba Modimo, le mohaho wa Modimo.

10. Haele nna, ka mohau wa Modimo oo ke o filweng, ke theile motheo jwaloka sehahi se bohlale, mme e mong o haha kahodima wona; e mong le e mong a mpe a iponele kamoo a hahang kateng hodima wona.

11. Hobane ha ho motho ya ka theang motheo osele ho o setseng o theilwe, e leng Jesu Kreste.

12. Ekare ha e mong a haha hodima motheo oo ka kgauta, kapa ka silefera, leha e le ka majwe a bohlokwa, le mahong, le jwang le dihlokwa,

13. mosebetsi wa e mong le e mong o tla bonahala; hobane o tla hlahiswa pontsheng ke letsatsi, etswe o tla bonahatswa ke mollo, mme mollo o tla leka mosebetsi wa e mong le e mong hoba o jwang.

14. Ekare ha mosebetsi oo e mong a o hahileng hodima motheo o sala, yena o tla putswa.

15. Ekare ha mosebetsi wa e mong o etjha, yena o tla timellwa ke wona; mme haele yena, o tla pholoha, empa ho tla ba jwaloka hoja a fetile hara mollo.

16. Ana ha le tsebe hobane le tempele ya Modimo, le hoba Moya wa Modimo o ahile ho lona na?

17. Ekare ha motho a senya tempele ya Modimo, Modimo o tla mo senya; hobane tempele ya Modimo e a halalela, mme tempele eo ke lona.

18. Motho a se ke a ithetsa; ekare ha e mong hara lona a itekanya hoba o bohlale lefatsheng lena, a ke a fetohe lehlanya, hore a tle a fetohe ya bohlale.

19. Hobane bohlale ba lefatshe lena ke bohlanya pela Modimo; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tshwasa ba bohlale manong a bona.

20. Hape, ho itswe: Morena o tseba mehopolo ya ba bohlale hobane ke bosawana.

21. Ha ho le jwalo, motho a se ke a ithorisa ka batho; hobane tsohle ke tsa lona,

22. leha e le Pauluse, leha e le Apolose, leha e le Kefase, leha e le lefatshe, leha e le ho phela, leha e le ho shwa, leha e le tsa jwale, leha e le tse tla tla; tsohle ke tsa lona,

23. lona le ba Kreste, mme Kreste ke wa Modimo.