BIBELE e Halalelang

1 Bakorinthe 3:13-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. mosebetsi wa e mong le e mong o tla bonahala; hobane o tla hlahiswa pontsheng ke letsatsi, etswe o tla bonahatswa ke mollo, mme mollo o tla leka mosebetsi wa e mong le e mong hoba o jwang.

14. Ekare ha mosebetsi oo e mong a o hahileng hodima motheo o sala, yena o tla putswa.

15. Ekare ha mosebetsi wa e mong o etjha, yena o tla timellwa ke wona; mme haele yena, o tla pholoha, empa ho tla ba jwaloka hoja a fetile hara mollo.

16. Ana ha le tsebe hobane le tempele ya Modimo, le hoba Moya wa Modimo o ahile ho lona na?

17. Ekare ha motho a senya tempele ya Modimo, Modimo o tla mo senya; hobane tempele ya Modimo e a halalela, mme tempele eo ke lona.

18. Motho a se ke a ithetsa; ekare ha e mong hara lona a itekanya hoba o bohlale lefatsheng lena, a ke a fetohe lehlanya, hore a tle a fetohe ya bohlale.

19. Hobane bohlale ba lefatshe lena ke bohlanya pela Modimo; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tshwasa ba bohlale manong a bona.

20. Hape, ho itswe: Morena o tseba mehopolo ya ba bohlale hobane ke bosawana.

21. Ha ho le jwalo, motho a se ke a ithorisa ka batho; hobane tsohle ke tsa lona,

22. leha e le Pauluse, leha e le Apolose, leha e le Kefase, leha e le lefatshe, leha e le ho phela, leha e le ho shwa, leha e le tsa jwale, leha e le tse tla tla; tsohle ke tsa lona,

23. lona le ba Kreste, mme Kreste ke wa Modimo.