Esthere

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10

BIBELE e Halalelang

Esthere 5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Esthere o ya tsebisa morena. — Hamane o leka ho timetsa Mordekai.

1. Ka tsatsi la boraro, Esthere a apara seaparo sa hae sa bofumahadi, mme a itlhahisa lebaleng le kahare ho ntlo ya morena, kapele ho ntlo ya morena; morena o ne a dutse teroneng ya mmuso wa hae tlung ya borena, maloka le monyako wa ntlo.

2. Eitse ha morena a bona mofumahadi Esthere a eme lebaleng, a fumana mohau mahlong a hae, mme morena a nanabelletsa Esthere lere la kgauta le letsohong la hae; yaba Esthere o atamela, a ama ntlha ya lere.

3. Morena a re ho yena: Oho, mofumahadi Esthere, o na le taba efe; o kopa eng? Leha o ka kopa karolo ya bobedi ya mmuso, o tla e newa.

4. Esthere a re: Ha morena a dumela, morena a ke a tle kajeno le Hamane dijong tseo ke mo lokiseditseng tsona.

5. Morena a re: Phakisang le late Hamane, a tle a etse se boletsweng ke Esthere.Morena a tla jwalo le Hamane dijong tseo Esthere a di lokisitseng.

6. Eitse ha ho nowa veine, morena a re ho Esthere: O kopa eng? O tla e newa. O qosa eng? Le hoja e ka ba karolo ya bobedi ya mmuso, ho tla etswa jwalo.

7. Esthere a araba, a re: Kopo ya ka le qoso ya ka, ke re:

8. Ha ekaba ke fumane mohau mahlong a morena, ha morena a ka dumela ho nnea ka kopo ya ka le ho etsa ka qoso ya ka, ke re, morena a boele a tle le Hamane dijong tseo ke tla ba lokisetsa tsona, mme hosasane ke tla etsa ka polelo ya morena.

9. Tsatsing lona leo, Hamane a tswa a thabile, pelo ya hae e iketlile; empa eitse ha Hamane a bona Mordekai a le pela monyako wa morena, a eme, a sa mo suthele, a halefela Mordekai.

10. Empa Hamane a itshwara; mme eitse ha a fihla ha hae a romela ho bitsa metswalle ya hae le Sereshe, mosadi wa hae.

11. Hamane a ba bolella letlotlo la maruo a hae, le bongata ba bana ba hae, le tsohle tseo morena a mo phahamisitseng ka tsona, le kamoo a mo hodisitseng kateng, ho mmea e moholo wa mahosana le wa bahlanka ba morena.

12. Hamane a eketsa, a re: Hape, mofumahadi Esthere ha a ka a mema motho kantle ho morena ho tla dijong tseo a di entseng, haese nna; le hosasane hape, ke sa memilwe ho ya ha hae hammoho le morena.

13. Empa tseo tsohle di bosula ho nna, ha ke sa ntse ke bona Mordekai, Mojuda eno, a dutse pela monyako wa morena.

14. Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle ya hae, ba re ho yena: Ho ke ho emiswe sefate se bolelele ba ditswe tse mashome a mahlano, mme hosasane, o kope ho morena hore Mordekai a fanyehwe ho sona; jwale wena, o tla ya dijong le morena o thabile. Taba eo ya kgahla Hamane, mme a laela hore ho emiswe sefate.